Khalai O Bua Le Dimela
Tseliso Masolane
Jesse Pietersen
Sesotho (South Africa)


Enwa ke Khalai. O dilemo di supileng. Lebitso la hae le bolela 'ya lokileng' ka puo ya habo, Lubukusu.
Khalai o a tsoha mme o bua le sefate sa dilamunu. "Ka kopo sefate sa dilamunu, hola o be moholo mme o re fe dilamunu tse ngata."
Khalai o tsamaya ka maoto ho ya sekolong. Tseleng o bua le jwang. "Ka kopo jwang, hola o be motalana mme o se ke wa omella."
Khalai o feta dipalesa tse hlaha. "Ka kopo dipalesa, dulang le thuntse hore ke le kenye moriring wa ka."
Sekolong, Khalai o bua le sefate se bohareng ba lebala la sekolo. "Ka kopo sefate, phukalatsa makala a maholo hore re kgone ho balla tlasa moriti wa hao."
Khalaio bua le difatjana tse kampetseng sekolo. "Ka kopo holang le be matla mme le thibele batho ba babe ho kena."
Ha Khalai a kgutlela hae ho tswa sekolong, a tjhakela sefate sa dilamunu. "Ebe dilamunu tsa hao di se di butswitse?" ho botsa Khalai.
"Dilamunu di sa le tala," ho kgotsa Khalai. "Ke tla o bona hosane sefate sa dilamunu," ho rialo Khalai. "Mohlomong ka nako eo o tla be o se o na le dilamunu tse butswitseng!"
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Khalai O Bua Le Dimela
Author - Ursula Nafula
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Jesse Pietersen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Jesse Pietersen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs
© African Storybook Initiative 2015
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org
Creative Commons: Attribution 4.0
Source www.africanstorybook.org

