Senkokomaile sa Keke
Khothatso Ranoosi
Marion Drew

Keke o ne a lutse holima senkokomaile sa hae antse a bapala. Hee o ne a serata haholo bophelong bahae. E ne e le senkokomaile sa bokhlokoa sekolong sa hae.

1

Keke eare hantse a bapala. O ne antse a se qhoshomisa butle-butle hantle. Aseisa pele le morao, pele le morao. Eare ha antse ase palame, antse aseisa pele le morao, eaba senkokomaile sena sentse se eketsa lebelo. Eare nenneng aiphuma a se ale holimo.

2

Keke asheba fatše. O ne ale holimo haholo. Eaba ore, "Aieeeee! Shebang hore na ke holimo joang."

3

O ne a thabile haholo ha a le holimo sebakeng. O ne a bona motse kaofela. O ne ale holimo ba nonyana ebitsoang lekhoaba haefofa.

4

Kamora nako eseng kae, eaba Keke o nahana hotheoha senkokomaileng sa hae. Hona lehore seeme, sene sea holimo haholo hofeta. "Oooh, oooh, oooh," ke Keke ea chong joalo, "haketsebe hore na nka emisa senkokomaile sena joang."

5

Eaba sona senkokomaile sena sentse sea holimolimo. Keke o ne a ts'ohile haholo. "Ebe ketla fella kae le senkokomaile see?" "Mohlomong ketlabe kelo fihla holimo mane khoeling. Ketlameha hotheoha," ke Keke ea chong joalo.

6

Eaba o ea theoha, a se tlohela se leseng. Eaba o ea oela, hoea tlase, tlaaase.

7

"Oh, oh, oh joooeeeeeee!" ke bana bachong joalo baneng bantse ba bapala le ena. Keke a oela fatše. O ne a oetse ka hlooho fatše, 'me autloile bohloko hloohong ea hae. Eaba oalla haholo, "Eeeh, eeeh, eeeh!"

8

Bana babang bao baneng bantse ba bapala le eena, ba koatile haholo. Keke o ne a sa tsebe hore na aka etsa eng. Eaba Keke ena ontse alla feela, "Eeeh, eeeh, eeeh, joooeeeeeeh!"

9

Eaba metsoallenyana ea hae e potlakela hoea bitsa tichere ea bona. "M'e Mampho, tloho!" baea 'mitsa. "Keke o oetse fatše hotloha senkokomaileng sa hae. O tsoile kotsi hloohong ea hae."

10

Eaba M'e Mampho o matha kapele hoea mo phahamisa fatše hoea thusa Keke. A mo phahamisa fatše. Eaba o meta hlooho ea Keke. Keke a bososela ka pontso ea hothaba. "Ke betere hona joale." "Ha ke satlaea bapala senkokomaileng kele mong hape," ke Keke ea chong joalo. "Ha ke batle hoiphumana kele khoeling."

11

Eaba M'e Mampho ore, "Nako etlang, ha o batla hoea bapala, o mpitse ke tlaea le oena. Re tlaea khoeling le oena rele babeli!"

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Senkokomaile sa Keke
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - Longer paragraphs