Nthabi o etsa hantle!
Michael Oguttu
Vusi Malindi

Moena oa ka o robala bosiu haholo.

'Na ke tsoha hoseng, hobane ke etsa hantle!

1

Ke 'na ea bulang lifenstere hore mahlaseli a letsatsi a kene.

2

"U mphatlalatsane ea ka," ho rialo 'm'e.

3

Letsatsi le leng le le leng kea itlhapisa, ha ke hloke thuso.

4

Ke hlapa ka metsi a batang, le sesepa se seputsoa se hlatsoang liphahlo.

5

'M'e oa nhopotsa o re, "U se ke oa lebala ho tsukunya meno a hao."

"Nkeke ka lebala!" ke 'na eo.

6

Ha ke qeta ho hlapa, ke ea ho lumelisa Ntate-moholo le Rakhali.

Ke ba lakaletsa letsatsi le monate.

7

Joale ebe kea itents'a.

"Ke se ke holile joale 'm'e," ke 'na eo.

8

Ke qhoaela likonopo tsa ka, hape ke khona le ho fasa lieta tsa ka.

9

Ke etsa bonnete ba hore moena'ka o tseba litaba tsohle tsa sekolo.

10

Ka phaposing ea ho ithutela ke sebetsa ka thata.

11

Ke etsa lintho tsena tsohle tse ntle letsatsi le letsatsi.

Empa ntho eo ke e ratang haholo, ke ho bapala!

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Nthabi o etsa hantle!
Author - Michael Oguttu
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Vusi Malindi
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences