Kotlo
Adelheid Marie Bwire
Melany Pietersen

Ka letsatsi le leng, 'm'e o ile a reka litholoana ka mefuta-futa.

1

"Re tla ja litholoana neng?" ra botsa 'm'e.

"Re tla ja litholoana mantsiboeng ana," ho rialo 'm'e.

2

Moena oa ka Thabo o meharo.

O ile a latsoa litholoana tsohle. A li ja haholo.

3

"Bona seo Thabo a se entseng!" ho hoeletsa ngoan'eso e monyane oa moshanyana.

Ka re: "Thabo o setoutu ebile o nahanela eena feela."

4

'M'e o ne a halefetse Thabo haholo.

5

Le rona re ne re halefetse Thabo haholo.

Empa Thabo ha a ka a soabela seo a se entseng.

6

"Na u tlo fa Thabo kotlo 'm'e?" ha botsa ngoan'eso e monyane oa moshanyana.

7

"Thabo, u tlo soaba," 'me oa hae, o oa hlokomelisa.

8

Thabo a qala ho utloa a kula.

9

"Ke ts'oeroe ke mala," ho cho Thabo.

10

'M'e o ne a tseba hore na hobaneng Thabo a kula.

"Thabo o kulisoa ke litholoana," a nahana.

11

Hamorao, Thabo o ile a kopa ts'oarelo ho rona. A re ts'episa a re: "Ha ke sa tla hlola ke ba meharo."

Re ile ra mo kholoa.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kotlo
Author - Adelheid Marie Bwire
Translation - Lineo Nkabane-Sekopo
Illustration - Melany Pietersen
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences