Moswinki wa Keke
Marion Drew
Marion Drew

Keke o ne a dutse moswinking wa hae oo a o ratang haholo.

E ne e le moswinki o monate ho feta e meng sekolong sa hae.

1

Keke o ne a isa moswinki pele le morao butle. Ha a ntse a o tsamaisa jwalo, moswinki wa qala ho phakisa, mme a iphumana a se a le hodimodimo.

2

Keke o ne a se a le hodimo haholo, a sheba fatshe mme a re, a hweletsa.

"Shebang ke hodimo ha ka kang."

3

O ne a thabile ho ba hodimo jwalo, a kgona ho bona motsana ohle.

Keke o ne a le hodimo jwaloka dinonyana tse neng di fofa ka hodima masimo a koro.

4

Kamora nakwana, Keke o ne a se a batla ho theoha, empa moswinki o ne o sa batle ho ema.

"Jo! jo! jo!" a hweletsa. "Ha ke kgone ho emisa moswinki ona."

5

Moswinki wa nna wa ya pele le morao, hodimo le tlase.

Keke o ne a tshohile. "Ekaba moswinki ona o tla nkisa kae? Nka nna ka fihla kgweding. Ke tlamehile ho theoha," a rialo a lla.

6

Yaba Keke o tlohela moswinki mme a wela fasthe.

7

"Jo nna!" Bana ba bang ba hweletsa.

"Keke o wetse fatshe, mme o lemetse hlooho." "Itjhu! itjhu!" a lla.

8

Bana ba bang ba ne ba tshwenyehile haholo.

Keke o ne a sa tsebe hore a etseng. "Hiii! hiii! Hiii!" a lla.

9

Bana ba boneng ha Keke a wa ba ya bitsa mosuwetsana. "Mofumahatsana Mpho tloho kapele!" ba hweletsa.

"Keke o wele moswinking mme o lemetse hloohong."

10

Mosuwetsana Mpho a mathela moswinking, a kuka Keke mme a mo suna hlooho.

Keke a bososela. "Ke ikutlwa ke le betere jwale, nke ke ka pheta ke bapalla moswinking ona hape, ha ke sa batla ho ya kgweding."

11

"Nakong e tlang, ke tla palama le wena moswinking Keke," ho rialo mosuwetsana Mpho. "Rea tla ya kgweding mmoho."

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Moswinki wa Keke
Author - Marion Drew, Khothatso Ranoosi
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs