Podi, Ntja le kgomo e nang le thelebishene
Fabian Wakholi
Marleen Visser

Kgomo, Podi le Ntja ba ya toropong ka tekisi ho ya reka.

1

Kgomo a reka thelebishene.

2

Podi a reka kobo.

3

Ntja o ne a batla ho reka dieta tse ntjha, empa o ne a se na tjhelete e lekaneng.

4

Metswalle ena e meraro ya kgutlela hae ka tekesi.

5

Na o bone Kgomo a eme naheng a sa etse letho?

Ke hobane o ntse a nahana ka thelebishene ya hae.

6

Na o bone Podi a balehela dikoloi?

Ke hobane o kgathatsehile hore kobo ya hae e ka utsuwa.

7

Na o bone Ntja a lelekisa dikoloi?

O batla ho ya toropong hobane jwale o na le tjhelete e lekaneng ho ithekela dieta.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Podi, Ntja le kgomo e nang le thelebishene
Author - Fabian Wakholi
Translation - Maria Vaz
Illustration - Marleen Visser
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences