Bana ba kerese
Southern African Folktale
Wiehan de Jager

Kgalekgale ho ne ho ena le lelapa le neng le dula le thabile.

1

Bana ba lapa lena ba ne ba sa rate ho lwana.

Ba ne ba ikokobeditse, mme ba ne ba thusa batswadi ba bona ka mosebetsi wa ka tlung le wa masimong.

2

Ba ne ba etsa mesebetsi ya bona bosiu feela.

3

Feela ba ne ba sa dumellwa ho atamela mollo…

4

…hobane ba ne ba entswe ka kerese.

5

Empa e mong wa bashanyana o ne a lakatsa ho tswela kantle letsatsing.

6

Tsatsi le leng takatso ya hae ya ho tswela kantle ya eba matla hoo baenae ba ileng ba mo kgalema hore a se etse seo hobane o tla qhibidiha.

7

Empa ha a ka a mamela, mme o ile a qhibidiha ke letsatsi le neng le tjhesa haholo.

8

Bana ba kerese ba lla ha ba bona ngwana habo bona a qhibidiha.

9

Kamora sena, ba rera ho nka kerese e qhibidihileng ho bopa nonyana ka yona.

10

Ha ba qeta ba nka nonyana ba e beha thabeng e hodimodimo.

11

Eitse ha letsatsi le ntse le phahama nonyana ya fofa, ya bina mahlaseding a letsatsi la hoseng.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bana ba kerese
Author - Southern African Folktale
Translation - Maria Vaz
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs