Kotlo
Adelheid Marie Bwire
Melany Pietersen

Ka tsatsi le leng, mme o ile a reka ditholwana tsa mefutafuta.

1

"Re tla ja ditholwana tsena neng?" ra botsa mme.

"Re tla ditholwana mantsiboya kajeno," ke mme eo.

2

Moenaka Rahim o meharo.

A latswa ditholwana kaofela. A ja tse ngata haholo.

3

"Rahim o sele, mme o inahanela a le mong," ke nna eo.

"Bona seo a se entseng!"

4

Mme o ne halefetse Rahim haholo.

5

Kaofela ha rona re ne re halefetse Rahim, empa yena o ne a sa bonahale a itshola.

6

"A na o tla fa Rahim kotlo?" ho botsa moenaka e monyenyane Athil.

7

"Rahim! O tlilo swaba ke ya o bolella," ke mme eo.

8

Rahim a ikutlwa e ka o a kula.

9

"Ke tshwerwe ke mala," Rahim a sebela kgaitsedi yae.

10

Mme o ne a tseba hobaneng Rahim a kula.

"Ditholwana di fa Rahim kotlo," ho nahana mme.

11

Rahim o ile a kopa tshwarelo ho rona mme a tshepisa hore a keke a hlola a e ba meharo jwalo hape.

Re ile ra mokgolwa, mme ra mo tshwarela.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kotlo
Author - Adelheid Marie Bwire
Translation - Maria Vaz
Illustration - Melany Pietersen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences