Mamela mmele wa ka
Noni
Angie and Upesh

Kajeno ha ke ye sekolong. Ke letsatsi la phomolo!

1

Kajeno nkeke ka shebella thelebishene hobane ha ho na motlakase.

2

Ekaba ke tla etsang?

Kajeno ke tlilo mamela mmele wa ka!

3

Hore ke kgone ho mamela mmele wa ka, pele ke lokela ho kgutsa tu!

4

Ee, Jwale ke kgona ho ikutlwa ha ke hema.

Ke hula moya, ke a o ntsha. Ke a o hula, ke a o ntsha.

5

Ke kgona ho hemela hodimo. Hhhhhhhhhhhhh!

Le fatshe. Mmmmmmmm!

6

Jwale ke kgona ho utlwa ha pelo ya ka e otla!

Thu, thu, thu, thuuuu, thuuuu!

7

A na nka kgona ho etsa hore pelo ya ka e otlele hodimo le ka pejana?

Ee! Ka ho qhomaqhoma makgetlo a mashome a mabedi.

8

Utlwa! Jwale pelo ya ka e otla kapele!

9

Ha ke beha menwana ya ka methapong ya letsoho, ke kgona ho utlwa ho otla ha pelo.

10

Ke kgona ho ikutlwa ha ke tsheha.

Haha, ha, ha, haa!

11

Ke kgona ho ikutlwa ha ke lla.

Hii, hii, hii!

12

Ke kgona ho ikutlwa ha ke opa diatla.

Pha, pha, pha!

13

Ke kgona ho utlwa ha mpa ya ka e duma.

Krrrr, krrrr, krrrr!

14

Mpa yaka e re, "Mphepe!"

15

Nko yaka e kgona ho nkgella dikuku tse bakwang ka kitjhining.

Jwale he ke batla ho utlwa mehlahare ya ka e hlafuna dikuku tseo.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mamela mmele wa ka
Author - Noni
Translation - Maria Vaz
Illustration - Angie and Upesh
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences