Ntja, Katse le manyowa
Elke and René Leisink
Elke and René Leisink

Enwa ke Katse.

Enwa ke Ntja.

1

Katse le Ntja ba bula monyako wa ntlo ya bona.

Katse le Ntja ba tswa ka tlung.

2

Katse le Ntja ba ya tsamaya.

Ba tsamaya jwang? Ba tsamaya dipakeng tsa difate. Ba tsamaya thoteng.

Jwale ba ya ema.

3

Katse le Ntja ba bona letshwao sefateng.

Katse le Ntja ba sheba letshwao. Ba sheba mantswe a ngotsweng letshwaong.

4

Katse le Ntja ba a bala.

Ba bala se ngotsweng letshwaong, mme ho ngotswe, "ela hlooko baki."

5

Katse a botsa a re, "Baki ke eng?"

Ntja a re, "Ke seaparo se tshwanang le jase."

6

Katse le Ntja ba se bone baki.

7

Yaba ba a tsheha.

Ba tsheha letshwao lena.

Ba tsheha hobane ba nahana hore letshwao lena le beilwe ho etsa motlae ka bona.

8

Yaba mantswe a ya fetoha.

9

Katse le Ntja ba bala se ngotsweng letshwaong.

10

'Ela hlooko morara.'

11

Katse a botsa, "Morara ke eng?"

Ntja a re, "Morara ke tholwana."

12

Katse le Ntja ba se bone morara.

13

Yaba ba a tsheha.

Ba tsheha letshwao lena.

Ba tsheha hobane ba nahana hore letshwao lena le beilwe ho etsa motlae ka bona.

14

Katse le Ntja ba sheba letshwao. Ba bona manyowa. Manyowa ana ke ona a ntseng a fetola mantswe.

Katse le Ntja ba nka manyowa mme ba a lahla.

15

Katse le Ntja ba bala.

Ba bala se ngotsweng letshwaong, 'ela hlooko api'

16

Katse a botsa, "Api ke eng?"

Ntja a re, "Api ke tshwene."

17

Katse le Ntja ba bona api, mme ba e supa.

Api e kgolo haholo.

Katse a re, "Baleha!" le Ntja ya re, "Baleha!"

18

Katse le Ntja ba baleha.

Ba balehela ntlong ya bona.

Ba kwala monyako.

19

Ba kwala monyako wa ntlo ya bona.

20

Sala hantle Katse.

Sala hantle Ntja.

Sala hantle Api.

Salang hantle manyowa.

21

22
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ntja, Katse le manyowa
Author - Elke and René Leisink
Translation - Maria Vaz
Illustration - Elke and René Leisink
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs