Zama o etsa hantle
Michael Oguttu
Vusi Malindi

Moena waka o robala bosiu haholo.

Ke tsoha ka matjeke hobane ke etsa hantle.

1

Ke nna ya bulang difensetere hore mahlasedi a letsatsi a kene.

2

"O mphatlalatsane ya ka," ho rialo mme.

3

Kamehla ke a itlhapisa, ha ke hloke thuso.

4

Ke hlapa ka metsi a batang, le sesepa sa ho hlatswa diaparo.

5

Mme o re, "O se lebale ho borosola meno."

"Nkeke ka lebala mme," ke nna eo.

6

Ha ke qeta ho hlapa, ke ya ho dumedisa ntatemoholo le rakgadi.

7

Ebe ke a ikapesa.

"Ke se ke hodile jwale mme," ke nna eo.

8

Ke se ke kgona ho konopela jeresi le ho bofa dieta tsaka.

9

Ke etsa bonnete ba hore moenaka o tseba ditaba tsohle tsa sekolo.

10

Ka phaposing ke sebetsa ka thata.

11

Ke etsa tsohle tse ntle kamehla, empa seo ke ratang ka ho fetisisa ke ho bapala.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Zama o etsa hantle
Author - Michael Oguttu
Translation - Maria Vaz
Illustration - Vusi Malindi
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences