E nyanyane haholo
Media Matters
Sandy Lightly

"Mme," Lebo o hweletsa mmae. Mme tloho o tlo bona. Diaparo tsena tsohle di se di le nyenyane haholo. Ha di sa ntekana.

1

"Bona sekete sa ka. Se se nyenyane haholo," Lebo o bolella mme. "Ee, se se nyenyane," ho rialo mme. "O ka se fa Nomsa."

2

"Bona borikgwe ba ka. Bo bo nyenyane," Lebo o bolella mme. "Ee, bo bo nyenyane, "ho rialo mme. "O ka bo fa Nomsa."

3

"Bona sekipa sa ka. Se se nyenyane," Lebo o bolella mme. "Ee, se se nyenyane," ho rialo mme. "O ka se fa Nomsa."

4

"Bona jeresi ya ka. "E nyenyane haholo," Lebo o bolella mme."Ee, e nyenyane," ho rialo mme. "O ka e fa Nomsa."

5

"Bona jase ya ka ya pula. E nyenyane haholo, "Lebo o bolella mme. "Ee, e nyenyane," ho rialo mme. "O ka e fa Nomsa."

6

"Bona dikausu tsa ka. Di nyenyane haholo," Lebo o bolella mme. "Ee, di nyenyane, "ho rialo mme. "O ka di fa Nomsa."

7

"Bona dieta tsa ka. Di nyenyane haholo," Lebo o bolella mme. Ee, di nyenyane haholo," ho rialo mme. "O ka di fa Nomsa."

8

"Jwale o na le diaparo tse ngata," Lebo o bolella Nomsa. "Tjhe, diaparo tsena tsohle di kgolo ho nna."

9
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
E nyanyane haholo
Author - Media Matters
Translation - Maria Vaz
Illustration - Sandy Lightly
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences