Setaele sa Rafiki
Louis Greenberg
Audrey Anderson

Ka Sontaha Jimmy Zogba o hlabile ntlha ya tlholo.

1

Ka Mantaha ha feta Sehlopha sa Bashemane ba itshepang.

2

"Hela Rafiki, moriri wa hao o kang qwaha o kae?

Moriri wa hao ha o a hola, empa ha o tsotelle letho."

3

"Hela Rafiki, thathu ya hao ya maiketsetso e kae?

Tlalo la hao le a nyahamisa. Le wena o a nyahamisa."

4

"Hela Rafiki, mabenyane a hao a kae?

Lebaka ke hobane meno a hao a qadikane."

5

Tsatsing leo Rafiki a tsamaya butle ho ya lapeng.

6

"Rakgadi, na nka ba le setaele sa moriri wa qwaha?"

"Nkeke ka o kuta setaele sa moriri wa qwaha. Hantlentle nkeke ka leka hohang."

7

"Letlalo la ka le a nyahamisa, Ausi. Na o ka nketsa thathu ya maiketsetso?"

"Ha o hloke thathu hore o be le sebopeho sa hao."

8

"Ntatemoholo, na nkafumana mabenyane?"

"Mabenyane ngwanaka ha a bolele letho."

9

Mafelong a beke e latelang, Santi Ramires a hlaba ntlha ya tlholo.

10

Ka Mantaha, ho feta Sehlopha sa Bashemane ba itshepang.

"Hela Rafiki, O shebahala hantle hakakang!"

11

Rafiki a nyolla mahetla.

"Ke tshwana ke le mong; sena ke setaele sa ka."

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Setaele sa Rafiki
Author - Louis Greenberg
Translation - Bangula Lingo Centre cc
Illustration - Audrey Anderson
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences