Leano le leholo la Bohlwanyana
Candice Dingwall
Steven McKimmie

Bohlwanyanao ne a rata ho bala. Hangata o ne a swaswiswa.

"Bohlwa ha bo bale. Bo lokela ho iphepa. Bo bokella dijo tseo bo tla di hloka."

1

Bohlwanyana o ne a bala letsatsi kaofela, a bale, a bale tsatsi le be le dikele.

2

Bohlwa bo bong bona bo ne bo bokella dijo tseo bo di fumanang mme bo di bolokele nako ya mariha ka tlasa mobu.

3

Mme wa hae le ntate wa hae ba ne ne ba sa rate ntho ena.

Bohlwanyana o ilea utlwa bohloko ke sena.

4

Hwetla ha mahlaku a difate a e wa, bohlwa bo qalella ho boloka dijo ka tlasa mobu.

5

Mofumahadi o batla hore ho bolokwe dijo, ka hoo bohlokwa kaofela bo lokela ho sebetsa ka matla.

6

Bohlwanyana a hoeletsa a bolela ka sebaka se seng seo a badileng ka sona.

"Re hloka restjhorente, sebaka seo batho ba jelang ho sona. Ke utlwile sena dibukeng tseo ke di badileng."

7

Bohlwa ba hwanta bo entse mokoloko.

Ba hwanta ha tsatsi le dikela.

8

Bohlwanyana a hoeletsa, "Helang, e nngwe ke eo!"

9

Bohlwa ba hwanta ka bonngwe, bo jere beka, bo jere bantshi.

10

Ha bo kgutla Mofumahadi a thaba.

Dijo di tletse ditshelong. Ba tshela Bohlwanyana ka ditlatse.

11

Mme le ntate wa hae ba mo kopa ka matsoho.

12

Ausi wa hae e monyane a mo tshwara ka letsoho.

"Jwale ke nahana hore ke a utlwisisa."

"Mokgwa oo o ratang ho bala dibuka ka teng. O etsa hore ke nahane ho di leka."

13
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Leano le leholo la Bohlwanyana
Author - Candice Dingwall
Translation - Bangula Lingo Centre cc
Illustration - Steven McKimmie
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs