Na ho na le ya tshwanang le nna?
Fred Strydom
Jess Jardim-Wedepohl

Ke aipotsa hore na e be kaekael efatsheng ho na le eo e kang ke nna.

1

Ya tshwanang le nna.

2

Ya buang jwalo ka nna.

3

Ya nang le meriri e harahaneng.

4

Motho ya nang le mahlo le ditsebe tsekang tsa ka.

5

Ya bileng a tsheha jwalo ka nna.

6

Ya ka etsang seo ke se etsang.

7

Mme ya kekeng a etsa seo nkekeng ka se etsa.

8

Ke shebile ka ba ka shebisisa hohle ho fumana eo e kang ke nna.

Ke tsamaile phakeng ka sheba le ka moradifate.

9

Ka potoloha, mme ka sheba hodimo le tlase.

10

Sefahleho se seng le seng.

11

Ha nka ka fumana mang kapa mang ya tshwanang le nna dibakeng tsohle.

12

Ke tshwana ke le mong feela lefatsheng!

Ke kgethehile, eo ke nnete feela!

13

Empa tjhe, e se nna feela, na ha o bone jwalo?

Le wena o tshwana o le mong feela.

14
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Na ho na le ya tshwanang le nna?
Author - Fred Strydom
Translation - Bangula Lingo Centre cc
Illustration - Jess Jardim-Wedepohl
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First sentences