Daisy ya makatsang!
Nozizwe Herero
Siya Masuku

Ho thwepolasing e nyenyane ya motsana
o monyenyane…

1

…ho kile ha phelatsuonyana e
bitswang Daisy.

2

"Ha ke hola ke batla ho fofela hodimo, hodimodimo sepakapakeng." Ho rialo Daisy.

3

Empa ditsuonyana tse ding tsa mo tsheha.

4

Tsa re, "O na le mehlolo. Ha re sa tla bapala le wena."

5

"Daisy, kaofela ha rona re ka otlanya mapheo a rona, empa ho boima hore ditsuonyana di ka fofa," Mme a rialo.

6

Daisy a se ke a tela. Tsatsi le leng le leng aikwetlisa, a otlanya mapheo a hae.

Phathaphatha, phathaphatha, a otlanya mapheo jwaloe mpa a sa kgone ho tlohafatshe.

7

Ha antse a ikwetlisa jwalo, a ipona e ka o se a fofa hodimo sepakapakeng mme a shebela ditsuonyana tse ding tlase.

A ipona a fofa a feta pela dirobele a feta pela mafokotsane. Dinonyana di ne di tla re, "Kgele! Tsuonyana e ka fofa!"

8

Ka mehla, phathaphatha, phathaphatha Daisy a otlanye mapheo a hae.

9

O ne a phahama fatshe empa a boele a we hape.

10

"Ha ke sa tla kgona ho fofa." Daisy a llela mmae. "Ba bang ba nepile."

11

"Daisy, o fapane le ditsuonyana tse ding. Ha di batle ho fofa empa wena o batla ho fofa! O ka etsa seo." Mme a rialo.

12

Ka tsatsi le hlahlamang Daisy a hlwella hodima hoko ya dikgoho mme a phathaphatha, phathaphatha, a phathaphatha, a phathaphatha mapheo a hae.

A fofela sebakeng a phathaphatha mapheo a hae... A phathaphatha mapheo a hae...

13

PUTLA!

14

Ditsuonyana tse ding tsa shwa ke ditsheho. "Ka, Ka, Ka! Re o bolelletse! Ditsonyana ha di -ha di fofe!"

15

Empa ka tsatsi le hlahlamang Daisy ahlwella hodimo haholo. A hlwella hodima sehlohlolo sa ntlo ya rontable.

Phathaphatha, phathaphatha, Daisy a otlanye mapheo a hae.

16

A fofela hodimo sepakapakeng a otlanya mapheo a hae... a otlanya mapheo a hae... a otlanya mapheo a hae...

17

A tswelapele ho fofa!

Moya wa utlwahala tlasa mapheo mme wa matlafatsa mapheo a hae yaba o fofela hodimo, hodimodimo!

Dirobele le mafokotsane tsa re, "Mohlolo o makatsang. Tsuonyana e fofang?"

18

Ditsuonyana tse ding tsa lakatsa ho tshwana le yena.

19

Tsa re, "Kgele Daisy, o a makatsa ruri!"

20
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Daisy ya makatsang!
Author - Nozizwe Herero
Translation - Bangula Lingo Centre cc
Illustration - Siya Masuku
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs