Ho lebeletswe lesea
Ursula Nafula
Catherine Groenewald

Kajeno ke letsatsi le leholo! Ka mora ho leta dikgwedi tse robong, mmae Thabi o ya sepetlele ho fumana lesea la hae. O tla kgutla ka mora matsatsi a mararo.

Na o ka bala letsatsi-kgwedi le letsatsi la beke khalendareng? E tla be e le letsatsi-kgwedi lefe ha mmahe Thabi a kgutlela hae?

1

"Sala hantle moratua!" Mmahe Thabi a realo. "O thuse ntatao, hle! Eseng kgale ke tla be ke le lapeng, le dimakatso tse kgolo ho rona kaofela!"

Ngwana o hodile haholo ka hara mpa ya mmae, hoo Thabi a sitwang ke ho potetsa matsoho a hae mmeleng wa mmae jwalo ka pele.

2

Thekisi e letsa hutara ka ntle. Ke nako ya hore mmae a tsamaye. Thabi o qala ho lla. Ntatae o mmeha hodimo mahetleng hae.

O rata ho nkelwa ho tloha fatshe ho ya hodimo jwalo ka mona. Jwale Thabi o bolelele bo fetang ba ntatae ka hlooho!

Haeba ntata Thabi a le bolelele ba dimitara tse 1,6 kapa disentimitara tse 160, jwale Thabi a ka ba bolelele bo bokae ho tloha fatshe?

3

Eseng kgale Thabi o boetse o swabile mme o qala ho lla hape. Ke kgetlo la pele bophelong ba hae, yena le mmae ba arohana e le bosiu.

Ntata Thabi a mmeha fatshe setulong pela hae. A mo phumola meokgo ya hae, mme a bua le yena ka lentswe le bonolo a mo kgothatsa.

4

Thabi o ikutlwa a le matla hape, ha a eme a le molelele hodima setulo sa hae. "Ke na le dilemo tse tsheletseng! Ke ngwanana e moholo!" a bolella ntatae.

Ha a eme a itse thwii, tjena, Thabi o batla a lekana le ntatae. Na o hopola hore ntanta Thabi o bolelele bo bokae?

Na o nahana hore Thabi o bolelele bo bokae ha a eme fatshe eseng hodima setulo?

5

Thabi o tshwanetse ho leta matsatsi a mararo fela ho tloha ka Laboraro ho fihla ka Moqebelo, empa ho yena e ne e ka re dilemo. Thabi o leka ho bala hore o tshwanetse ho leta dihora tse kae.

O a tseba hore letsatsi le na le dihora tse 24, kahoo o ipolella hore, "24+ 24 + 24 ke _____."

Na o a tseba hore karabo ke eng?

6

"Ntate," ke Thabi eo, "Ke ne ke nahana hore ke lesea la hao! Ke seo o mpitsang sona ka mehla. Ho tlilo etsahalang jwale? Ha ke sa tla ba lesea la hao?"

"O tla dula o le leitsibolo la rona le kgethehileng, Thabi!" Ntatae a mmolella jwalo.

7

Ntata Thabi o araba dipotso tse ngata ka lesea le letjha. Ntata Thabi a tlelwa ke kgopolo. "Thabi, hobaneng o sa ngolle Mama lengolo? O ka mo jwetsa hore o mo hopotse hakakang le ho mmotsa dipotso tse ding ka lesea.

"Ke tla rata ho etsa jwalo Ntate. Na o ka nthusa?"

8

Ka mora dijo tsa motsheare ntata Thabi o mo thusa ho ngola lengolo.

Bala lengolo la Thabi:

Mme ya ratehang,

Ke a o rata ebile ke o hlolohetse haholo! Ntate a re o tla be o le lapeng ka Moqebelo. Ke tatetse ho o bona le lesea le letjha. Ke na le dipotso tse ngata-ngata!

Na lesea la rona ke moshanyana kapa ngwanana? O tshwana le nna? Lesea la rona le tlilo qala neng ho tsamaya le ho bua?

Ka lerato ho tswa ho,
Thabi, lesea la hao le leholo!

9

Ha a qetile ho ngola lengolo la hae, Thabi a qala ho lora ditoro tsa motsheare.

"Mohlomong ho na le masea a mabedi," Thabi a nahana. "Mafahla a ho tshwana le metswalle e meng ya ka." Thabi o nahana ka Zodwa le Brenda, mafahla a banana a tshwanang hona hoo!

"A rona mafahla e ka ba ke mofuta o jwang?" menahano ya hae e ya kwana le kwana.

10

Letsatsi le leholo le fihlile. Thabi o thabile haholo. O letile matsatsi a 3 kaofela (kapa dihora tse 72), empa o utlwa e ka re o letile tse ngata esale mmae a ya sepetleleng.

Ba letile dikgwedi tse robong hore ngwana a hole ka hara mpa ya mmae. Thabi o bala a kgutlela morao ka dikgwedi: "Mmesa ho ya ho Hlakubele, ke kgwedi e le nngwe, ho ya ho Hlakola, ke kgwedi tse pedi..."

Balla morao ho fumana hore ngwana o qadile ka kgwedi efe ho hola ka mpeng ya Mme?

11

Thabi o utlwa batswadi ba hae monyakong o ka pele. Thabi a thola tu! O batla ho ba makatsa.

Empa Thabi ke yena ya tlileng ho makala haholo! Mmae o tlile lapeng le Mafahla! Thabi o na le kgaitsedi le ngwananeso!

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ho lebeletswe lesea
Author - Ursula Nafula
Translation - Matilda Dube, Thelma Machoene Tshesane
Illustration - Catherine Groenewald
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud