Ndalo le Pendo – Metswalle ya sebele!
Ruth Odondi
Rob Owen

Kopana le Ndalo. O na le dilemo tse 10 mme o bala Kereiti ya 5 sekolong sa motseng. Ka mehla Ndalo o hlaba dintlha tse hodimo tlelaseng ya hae. "Sephiri sa hae ke eng?" baithuti ka yena ba a ipotsa.

"O tjhatsi ha a bala le ha a ngola! O etsa jwang?" ba ipotsa. Ndalo o ba bolella hore ke hobane a bala dibuka tse ngata. Ha ba senya nako ya bona ba sa etse letho, nako eo yena a sa etseng letho, o e sebedisa ho bala.

1

Ka nako e nngwe Ndalo o amohela R80 ka beke e le tjhelete ya kheri. Boholo ba tjhelete ya kheri, o e sebedisa ho reka dibuka tse sebedisitsweng lebenkeleng la dibuka tse sebedisitsweng la motseng wa habo.

Jwale, Ndalo o fumana jwang tjhelete ya kheri ho reka dibuka tsena? Tswela pele ho bala o sibolle.

2

Kopana le Pendo, kgomo ya lapa e hangwang. O ntsha lebese le ka hodima dilitara tse 20 ka letsatsi. Ntata Ndalo o rekisa lebese lena.

Kgomo e hloka dijo le metsi, le nako ya ho fula naheng. Kahoo tsatsi le leng le le leng mora sekolo, Ndalo o thusa ka mosebetsi ona. Ntata Ndalo o mo fa tjhelete ya kheri bakeng sa mosebetsi o a o etsang. Ke tjhelete eo Ndalo a e bolokang ho reka dibuka beke ka beke.

3

Sa pele, Ndalo o neha Pendo seshoba sa dihwete. Ka letsatsi o mo neha dihwete tse 8 hantle. Tsatsi le leng le le leng o ntsha dihwete tse lekaneng letsatsi tshingwaneng ya ntatae ya meroho.

Le wena o ka bala. O tla fumana hore Pendo o batla a ja dihwete tse 60 ka beke! Na o ka bolela hore hantle ke tse kae?

4

Ka mora moo Ndalo o isa Pendo ho ya fula masimong. Ntatae o mo hlokomedisa ho sheba nako hore a se ke a neha Pendo nako ya ho feta dikotara tse tharo tsa hora ho fula.

Ka tlwaelo Pendo o qala ho fula ka kotara mora hora ya bobedi, hore Ndalo a mo kgutlisetse lesakeng la ho hamela ka hora ya 3. Mariha ha ho fifala ka pela, Ndalo a ka qala ho mo fudisa e sa le pelenyana, mohlomong ha nako e le halofo ka mora hora ya pele.

5

Ho latelang, Ndalo o neha Pendo metsi. Ntle le metsi Pendo a ka se ntshe lebese le ha Ndalo a ka mo fepa hakaakang! Ndalo o lata dibakete tsa metsi pompong ya motse hobane ha ho na e nngwe haufinyana.

Senwelo sa Pendo se tshela dilitara tse 30 tsa metsi. Bakete ya Ndalo e tshela dilitara tse 5 fela. Kahoo ho tlatsa senwelo Ndalo o tlameha ho nka maeto a mangatanyana. Na o ka bala hore o tlameha ho nka maeto a makae?

6

Jwale, Ndalo o isa Pendo ho Ntatae ho fumana 12kg ya mokotla wa poone. Ndalo a bala "Hona e ka ba 90 kg ya poone ka beke."

Mokotla ka mong o ja R39. Ndalo o bala hore ditjeho tsa poone ka beke ke bokae. Sa pele o bala ditjeho tsa mekotla e 7 ka R40 mokotla ka mong, e etsa R280. Ebe o tlosa R7 ho fumana R273. Ndalo o a lekanyetsa. "E ka hodimo ha R1000  (diranta tse sekete) ka kgwedi!" Na o nepile?

7

Ntata Ndalo o hama Pendo habedi ka letsatsi. O ntsha dilitara tsa lebese tse ka bang 24 ka letsatsi, ke ho re dilitara tse ka bang 12 nakong eo a hangwang.

Ka nako e nngwe Ndalo o thusa ka ho hama, empa ha ho bonolo jwalo ka ha ho shebahala. "Ka tsatsi le leng," ke yena eo a nahana, "ke tla ba le dikgomo tsa ka mme ke tla tlameha ho di hama ka bonna."

8

Ntatae o tshela lebese le hara bakete e kgolo dikaneng tse nyenyane tsa dilitara tse pedi kapa dibotlolo tsa litara e le nngwe. Ebe o rekisa lebese ka R8 litara.

Ha nngwe ka beke ntata Ndalo o fana ka dilitara tse 25 tsa lebese sekiming sa phepo ya bana ba sekolo. Ngwana ka mong o fumana kotara ya litara ya lebese lena. Seo se bolela hore bana ba 100 ba fumana lebese tsatsing leo.

9

Bakeng sa litara ka nngwe e rekisitsweng, ntata Ndalo o mo neha 50c. Ha e shebahale e le ngata, empa ha Ntatae a rekisa dilitara tse 24 ka letsatsi, ha e kopana e etsa nthonyana e bonahalang! Na o ka bolela hore ke bokae?

Ndalo o boloka tjhelete ya hae ka hloko ho fihla Moqebelo, ha a nka leeto ho ya lebenkeleng la dibuka la motseng. Buka ka nngwe ha e ke e feta R10, ka hoo ha beke e le ntle, a ka reka tse malwanyana.

10

Hape Ndalo o rata le ho nwa lebese la Pendo. Ntatae o re lebese le thusa ho haha masapo le meno a tiileng mme le etsa hore motho a shahle a be a phele hantle.

Kahoo ka ho nwa lebese le ho ja meroho e mengata e tswang tshingwaneng ya ntatae ya meroho, Ndalo o shahlile ebile o phetse hantle. Ha a atise ho kula ebile ha a bolawe ke tlala.

11

Ndalo ha a lebale ho leboha Pendo pheletsong ya letsatsi ka leng. O mo leboha ka dihwete tse ding hape le ka makgapetla a sepinatjhe ao a a fumanang a sabaletse tshingwaneng.

"Ke a leboha Pendo o motswalle wa ka wa sebele! Ke ka baka la hao ke le shahlileng, ke phetse hantle ebile ke le bohlale! Ha e ne e se ka wena nka be ke sa kgone ho reka dibuka tsena tseo ke di balang, tse nthusang hore ke be matwetwe ka mehla tlelaseng ya ka."

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ndalo le Pendo – Metswalle ya sebele!
Author - Ruth Odondi
Translation - Matilda Dube, Thelma Machoene Tshesane
Illustration - Rob Owen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud