Ho batlana le moya wa hwetla
Mosa Mahlaba
Selina Masego Morulane

Moya wa Mariha o se o fetile. Hwetla e a tla motseng wa Naledi. Haufinyane baahi ba tla bokana ho keteka sehla se setjha. Naledi o ne a ikemiseditse ho bona mokete wa Hwetla ho feta letsatsi lefe kapa lefe la selemo.

1

Hoseng ho hong ho futhumetseng, Naledi a utlwa baahi ba babedi ba baholo ba bua ka mokete. "Batloung ba lahlehetswe ke moya wa ho keteka," e mong a rialo.

"Re ka ba le mokete wa Hwetla jwang motseng o lebetseng ho keteka?" ha botsa e mong.

2

Naledi o ne a tshwenyehile. "Letsatsi le tla tjhaba hape jwang ka ntle le hore re bine re le tsose borokong ba lona ba mariha?" Naledi a ipotsa.

Naledi o ile a nahana nako e telele ka sena. "Ke tlameha ho ya batlana le dintho tse tla kgutlisetsa moya ho keteka motseng weso."

3

Baholo ba ile ba fa Naledi kananelo ya bona ka leeto la hae. Ba ile ba mo fa mokotla hore a tshele dintho tseo a neng a tla di fumana. Naledi o ne a tshohile, empa a dumela hore o tla atleha.

4

Naledi o ile a tsamaya letsheare lohle. O ne a nyoloha thajana, le ho theohela phuleng. O ile a sesetsa nokeng e kgolo, mme a hlwella mafika. O ile a tsamaya hodima dihlaba ho fihlela a fihla moriting wa dithaba tse kgubedu.

5

Ha shwalane e tshwara, Naledi o ile a fihla motseng wa dipaterone le mebala eo a neng a so e bone. O ile a bolella baholo ba motseng ka leeto la hae. Mme wa setjhaba sena o ile a fa Naledi mpho.
O ile a bolella Naledi, "Ka lerato re o fa pente ena ho tsoseletsa mmala wa motse o seng o le thothofa." Naledi o ile a leboha baholo mme a kenya pente ka mokotleng. Yaba o kena tseleng, a thabetse mpho.

6

Naledi o ile a tsamaya letsatsi lohle, merung e fapaneng ya difate tse kgolohadi. Ha ho se ho phirima, o ile a utlwa modumo wa dikupu. O ile a potlakela moo modumo wa dikupu o tswang teng, a utlwa moya wa ho tjeka o fihlela maoto a hae a kgathatseng.

7

Naledi o ile a iphumana a le motseng wa Taung. Batho ba ne ba dutse ho potoloha mollo, ba letsa dikupu ebile ba bina. O ne a so utlwe mmino o monate jwalo haesale. O ile a bolella baholo ba motseng ka leeto la hae la ho kgutlisa moya wa ho keteka bathong ba habo. Bataung ba ile ba mo mema hore a phomole mme a robaletse.

8

Hoseng morena a bitsa Naledi. "Ngwanaka," a rialo, "nka sekupu se ikgethang ke sena. Se bapala pina e ntjha ka nako tsohle ha o se letsa."

Naledi a leboha baholo mme a kenya sekupu ka mokotleng wa hae. A tswela pele ka leeto la hae hape, a thabetse mpho ena ya mmino le motjeko.

9

Letsatsing la boraro la leeto, a feta tshimo e nang le dikgomo tse nonneng. Monko o ile wa tsikinyetsa dinko tsa hae a ba a kolla mathe ka hanong. O ile a sala monko morao, a ba a fihla motseng moo batho ba neng ba eme ba phehile. Morabe ona o ne o tumme ka mekete mme Naledi o ne a so ka a latswa dijo tse monate jwalo. Kamora hore a je, o ile a bolella baholo ba motse ka leeto la hae.

10

Tsatsi le latelang, lekgotla la diphehi la mo fa motswako wa senoko sa sephiri.
"Moradi wa rona," ka dinoko tsena, "re o tiisetsa hore dimpa tse ngata di tla kgora di thabe! Re o fa mpho ya dijo tse monate."
Naledi o ile a leboha baholo mme a kenya dinoko ka hara mokotla. O ne a tseba hore o ne a na le dintho tsohle tseo a neng a di hloka. Ka mafolofolo a matjha o ile a qala leeto ho ya hae.

11

Ha a fihla hae baahi ba ile ba mo bokanela ho utlwa ka dikenkeng tsa leeto la hae. O ile a ba bolella dipale tsa dintho tseo a di boneng, tseo a di utlwileng, le tseo a di jeleng.
Yaba o bula mokotla wa hae ho ba arolela dimpho tseo a di filweng. Baahi ba ile ba thabela ho amohela matlotlo ana.
Mosa wa ba bang le mamello ya Naledi di ile tsa tlisa mmala, pina le motjeko bathong.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ho batlana le moya wa hwetla
Author - Mosa Mahlaba
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Selina Masego Morulane
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs