Neo le lempetje
Alan Kenyon
Wiehan de Jager

Kgalekgale ho kile ha ba le baratani ba futsanehileng. Ba ne ba e na le ngwana a le mong feela, Neo. Ba ne ba mo rata haholo.

Batswadi ba Neo ba ile ba qeta ka ho mo romela ho ya dula le Malome wa hae ya ruileng, Rantsho. Mme wa Neo o ile a roka diaparo tse ikgethang ka ribono, dikonopo le difaha. O ile a etsetsa Neo sekgama se setle. Yaba Neo o a tsamaya ho ya motseng wa malome wa hae.

1

Leetong la hae, Neo o ile a fihla phuleng. O ile a tshela phula mme a kopana le ngwanana ya apereng marantha. "O ya kae?" a botsa.

"Ke etela Malome Rantsho," ha araba Neo. "Rantsho ke malome wa ka le nna! Le nna ke tseleng e yang ho mo etela," ha rialo ngwanana.
Ba tsamaya mmoho. Kamora nakwana, ngwanana a re ho Neo, "Diaparo tsa hao le sekgama sa hao di ntle. E re ke bone na di a ntshwanela."

2

Neo a hlobola diaparo tsa hae a di fa ngwanana. Ha ngwanana a hlobola diaparo tsa hae tse marantha, Neo a bona hore o na le mohatla!

Neo o ne a tshohile. O ile a elellwa hore ngwanana ke lempetje.

Ba tsamaya sebakana, mme Neo a kopa, "Ka kopo hle kgutlisa diaparo tsa ka le sekgama sa ka."

3

Lempetje a araba, "E re ke di tene ho fihlela re fihla sefateng se latelang." Ebile a supa sefate thajaneng e haufi.

Ha ba fihla sefateng se latelang, Neo a kopa lempetje, "Ka kopo hle, kgutlisa diaparo tsa ka le difaha tsa ka."

"E re ke di apare ho fihlela re fihla tshimong ela," ha rialo lempetje. Mme a supa tshimo e latelang e pela thajana. Neo o ne a tshohile, ka hoo, a dumela.

4

Qetellong ba fihla hlatheng. Neo a kopa lempetje hape, "Ka kopo hle, kgutlisa diaparo tsa ka le difaha tsa ka."

"E re ke di apare ho fihlela re fihla ntlong ela moo basadi ba dutseng teng," ha rialo lempetje a supa ntlo e sebakana. Ba tsamaya.

Ha ba fihla haufi le ntlo, lempetje a sutuletsa Neo morao a mathela pele.

5

Lempetje a re, ho basadi ba leng ntlong, "Bonang ngwanana enwa ya apereng marantha. Esale a ntshetse morao letsheare lohle. Ke lakatsa eka a ka kgaohana le nna."

Basadi ba hetla ho sheba Neo. O ne a tshohile haholo hoo a bileng a matha a ipata ka sakeng.

Yaba lempetje o ya ntlong ya Malome Rantsho. A buela tlase, "Ke motjhana wa hao, Neo. Batswadi ba ka ba nthometse ho tla dula le wena."

6

Rantsho le lelapa la hae ba amohela ngwanana. Ba ne ba le mosa ho yena. Neo wa batho a lokela ho ya robala ka ntle mme a arolelana dijo le dintja. O ne a ipata tshimong mme a bina pina ena, "Oho, nna ya sotlehileng, ya sotlehileng. Ke ne ke rometswe ke ntate le mme ho ya dula le Malome wa ka Rantsho. Tseleng ka kopana le lempetje mme a nka mose wa ka le difaha tsa ka. Oho, nna ya sotlehileng."

7

Ka tsatsi le leng, mora e moholo wa Rantsho o ne a tsamaya masimong. O ile a utlwa pina e makatsang ebile e le ya tsharelo. O ne a sa tsebe hore na ke mang ya neng a bina, empa eitse ha a fihla hae, a bolella ntatae mantswe ao.

Rantsho o ile a ya masimong. O ile a utlwa pina, mme a sheba ho fihlela a fumana Neo.

8

Neo a bolella malomae tsohle tse etsahetseng. Rantsho a mo nka a mo kgutlisetsa motseng mme a mo pata ka hara ntlo. O ne a tseba seo a neng a tla se etsa ho tshwara lempetje.

Rantsho o ile a utlwa hore mohatla wa lempetje o rata lebese le hore o ke ke wa feta lebese o sa nwe.

9

Rantsho ile a kopa banana ba motseng ho tla tlhodisanong ya ho qhoma. Lempetje o ne a tshwenyehile. O ne a sa batle ho tlola sekoti.

Lempetje o ne a tseba hore mohatla wa hae o ne o tla be o nyoretswe lebese le bodila. A ya ka tlung mme a tlamella mohatla wa hae mmeleng wa hae a o tiisa kamoo a ka kgonang kateng. Yaba o ema sebakeng sa hae le banana ba bang.

10

Ngwanana e mong o ne a qhoma ka mora e mong hodima sekoti se tshetseng lebese le bodila. Qetellong ya e ba nako ya lempetje ho tlola. O ile a leka ho qhomela hodimo ho tlola sekoti se tshetseng lebese le bodila. O ile a leka ho tlolela ka hodima sekoti, empa mohatla wa hae wa kgaoha.
Mohatla wa lempetje o ile wa mo hulela tlase, tlae, tlase ka hara lebese le bodila.

11

Ha lempetje a sokola ka hara lebese, banna ba ile ba potlaka ba tlatsa sekoti ka lehlabathe ba pata lempetje. Yaba ke qetello ya lempetje.

Neo o ile a ya dula a thabile le malome wa hae nako e telele, telele.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Neo le lempetje
Author - Alan Kenyon, Viv Kenyon
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs