Enwa ke Palesa.
Lebitso la hae le bolela 'palesa' ka puo ya habo, ya Sesotho.
Hoseng Palesa o bua le sefate sa dilamunu.
"Sefate sa dilamunu, ka kopo hle, re fe dilamunu tse ngata."
Palesa o ya ka maoto sekolong.
Ha a le tseleng, o re ho jwang, "Ka kopo hle jwang, hola o be motalana o se ke wa omella."
Palesa o feta dipalesa tse hlaha. "Dipalesa, ke a leboha ka mebala ya lona e kganyang."
Sekolong, Palesa o bua le sefate se senyenyane.
"Sefate, ka kopo hle, hola ho be le makala a maholo hore re kgone ho balla tlasa moriti wa hao."
Palesa o bua le moedi wa difatjana tse potileng sekolo sa hae.
"Ka kopo hle, o hole o le matla mme o thibele batho ba babe hore ba se kene ka hare."
Ha Palesa a kgutlela hae ho tswa sekolong, o etela sefate sa dilamunu.
"Ebe dilamunu tsa hao di se di butswitse?" ho botsa Palesa.
"Dilamunu di sa ntse di le tala." ho araba Palesa. "Ke tla o bona hosane sefate sa dilamunu. Mohlomong hosane o tla be o ntshwaretse lamunu."