Mamello ya Bonolo
Violet Otieno
Vusi Malindi

Kgalekgale, ho ne ho na le monna ya neng a e na le leqeba le lebe leotong.

O ne a sa kgone ho ema kapa ho tsamaya.

Monna enwa o ne a dula motseng le mosadi wa hae le bana ba hae.

1

Banyalani ba ne ba na le bara ba bararo le moradi a le mong.

Lebitso la moradi e ne e le Bonolo. Mosebetsi wa hae e ne e le ho hlokomela ntatae. Bara ba ne ba sebetsa naheng ba alosa diphoofolo.

2

Bonolo e ne e le ngwanana e motle. Baahi bohle ba motseng ba ne ba mo rata ba bile ba mo hlompha.

Batswadi ba hae ba ne ba batla monna ya lokileng ho ba molekane wa Bonolo. Ba ile ba fana ka mosebetsi o thata ho fumana monna ya loketseng.

3

Mang kapa mang ya neng a batla ho nyala Bonolo, o ne a lokela ho fumana setlama letsheng le haufi le motse. Setlama sena se ne se tla phekola leqeba la ntatae.

Empa letsha le ne le tletse meya e mebe.

4

Banna ba bang ba ile ba leka ho fumana setlama empa ba kgutla ba sa se fumana.

Banna ba bang ha ba a ka ba kgutla letsheng hohang.

5

Bonolo o ne a tshwenyehile. Le baholwane ba hae ba ne ba sa ikutlwe ho ya letsheng. O ile a qeta ka ho ya itatela setlama ka boyena.

Mmae a re, "Moradi wa ka, ha banna ba matla ba hlotswe, wena o tla atleha?" Empa Bonolo o ne a qetile le makutlo a hae.

6

Tseleng e yang letsheng, Bonolo o ile a kopana le mosadimoholo ya rwetseng patsi. O ile a thusa mosadi eo ho rwala patsi ya hae.

Mosadimoholo o ne a thabile. O ile a re ho Bonolo, "Ke tla o jwetsa hore na o ka fihla jwang letsheng la meya le hore na o ka etsang ha o fihla moo."

7

Ha Bonolo a fihla lebopong la letsha, o ile a bona lelapa la meya le nwa ebile le tantsha.

8

Ha meya kaofela e se e robetse Bonolo o ile a ikakgela ka letsheng.

O ile a fumana setlama mme a se kenya ka mokotlaneng.

Ha a sesa ho kgutlela naheng, maqhubu a ne a phahame ho mo potoloha.

9

Ha Bonolo a fihla lebopong, meya e ile ya tsoha. O ne a tshohile, empa o ile a bina pina eo mosadimoholo a mo rutileng yona:
Nna, moradi wa Thesele,
Ke tswa letsheng.
Ke tlile hobane banna ba tshaba ho tla.
Ntate o hloka setlama ho phekola leqeba la hae.
Ke kahoo ke leng mona,
Naheng eo ba bangata ba tshabang ho fihla,
Kaha le le babusi.

10

Lentswe la Bonolo le ne le le monate hoo meya e ileng ya mo kopa ho e binela kgafetsa.

Pina ya hae e ile ya robatsa meya hape.

Yaba Bonolo o matha ka potlako ho fihlela a fihla motseng wa habo.

11

Bohle ba ne ba emetse Bonolo a kgutle.

Kamora ho phekola leqeba ka setlama ntatae o ile akgona ho ema hape.

Motse ohle o ile wa tantsha wa ba wa rorisa Bonolo.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mamello ya Bonolo
Author - Violet Otieno
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Vusi Malindi
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs