Baesekele ya Seipati
Munanga ASb teachers
Wiehan de Jager

Seipati le moena wa hae ba itokisedise ho ya sekolong.

1

Seipati o palamisa moena wa hae baesekeleng ya hae.

2

Metswalle ya bona e a ba thabela ha ba kena sekolong.

3

Ha ba ntse ba le ka phaposing, tshwene ya fihla ka ntle.

Tshwene ya palama baesekele ya Seipati ya baleha ka yona.

4

Bana ba lelekisa tshwene.

5

Tshwene ya siya baesekele ka tlasa sefate.

6

Tshwene ya sesetsa sehlekehlekeng, mahareng a letsha.

Ya palama hodimo sefateng.

7

Tshwene ya ba sadisa hantle!

Bana ba phahamisa matsoho hore e tsamaye hantle.

Seipati o na le baesekele ya hae hape.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Baesekele ya Seipati
Author - Munanga ASb teachers
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs