Morena Kadi le moradi wa hae
Amana Yunus
Natalie Propa

Kgalekgale, ho ne ho le teng morena ya bitswang Kadi. O ne a dula paleising le mofumahadi le moradi wa hae, kgosatsana Naledi.

Kgosatsana Naledi e ne e le mosetsana e motle eo monna e mong le e mong a neng a batla ho mo nyala. Empa morena Kadi a batla mahadi a mangata ho ya batlang ho nyala kgosatsana.

1

Haufi le paleisi ya morena Kadi ho ne ho dula morenana Theko e Moholo. O ne a bitswa 'e Moholo' hobane bohle motseng ba ne ba mo mamela. (O ne a rata dikgoka haholo ho mang kapa mang ya neng a sa mo mamele!)

Mosadi wa Morenana Theko o ne a sa tswa bolawa ke malaria mme o ne a batla mosadi e mong.

2

Kahoo morenana ya tsofetseng e motenya o ile a ya ho morena Kadi ho ya fana ka leruo la ho nyala kgosatsana.

Ha banna ba babedi ba ntse ba buisana ka mahadi, mosebeletsi Diako o ile a utlwa moqoqo wa bona. Mosebeletsi Diako o ne a tlwaetse kgosatsana Naledi haholo.

3

Morenana Theko o ile a dumela ho fana ka halofo ya leruo la hae ho morena Kadi, ho kenyelletswa le nale, eo e neng e le karolo ya mahadi a monyaduwa.

Ditokisetso di ile tsa etswa ka lekunutu bakeng la lenyalo pakeng tsa morenana Theko le kgosatsana Naledi. Morena o ne a tseba hore moradi wa hae o ne a sa tlo thabela qeto eo ya hae.

4

Beke pele ho letsatsi la lenyalo la borena, mosebeletsi Diako a ya ho Naledi.

"Kgosatsana ya ka e ratehang, ntatao o hlophisitse lenyalo la hao le morenana Theko, mme le tla etsahala nakong ya beke," ha rialo Diako.

5

Kgosatsana Naledi o ne a tshohile haholo mme qalehong o ne a sa tsebe seo a neng a ka se etsa. Yaba o a nahana, "Nke ke ka nyalwa ke morenana Theko, monna eo e motenya ya tsofetseng. Le kgale! Ke tlameha ho potlakela ho Lesedi ke bone na a ka etsang pele nako e fela."

Lesedi e ne e le mohlankana wa kgosatsana Naledi.

6

Bosiung boo Naledi a nyenyelepa a tswa ka paleising. Ebang ntate a ka bona hore o ne a ya kae o ne a tla halefa haholo.

O ile a mathela morung o teteaneng, o lefifi hodima mafika le dihlahla, ho fihlela qetellong a fihla ho Lesedi. Ha a fihla ntlong ya hae o ne a kgathetse, a lapile ebile a nyorilwe.

7

"Moratuwa, hobaneng o mathile sebaka se sekana o le mong ka nako ee ya bosiu?" ha botsa Lesedi. A mo latela metsi a ba a mo dumella hore a phomole.

Lesedi o ne a sa dudiseha a emetse hore Naledi a bue.

8

"Kgosatsana ya ka e ratehang, bothata keng?" ha botsa Lesedi.

Naledi a hemela hodimo mme a bua a saretswe, "Ntate o batla ke nyalwe ke morenana Theko e Moholo. Empa nke ke ka nyalwa ke monna e mobe eo. Lesedi, ke batla ho nyalwa ke wena leha o le mofutsana. Ke ikemiseditse ho sotleha. Ke a o rata."

9

"Empa kgosatsana, ha ke na letho ho lefa mahadi, o a tseba hore ke moshemane ya futsanehileng," ha rialo Lesedi a utlwile bohloko.

Naledi a araba, "Ke a tseba, empa ke enwa feela eo nka nyalwang ke yena."

A nahana nakwana mme a re, "Ha re ye Katleho monna wa sekepe ho re sesisetsa ka nqane ho noka. Ka tsela e jwalo re tla phonyoha mme ntate a ke ke a re fumana ho hang."

10

Paleising kwana, morena Kadi a elellwa hore Kgosatsana Naledi o nyametse mme a laela mahlahana a hae ho mmatla hohle ka hara motse.
Balebedi ba morena, masole le bohle ba batla, empa ba se ke ba fumana Kgosatsana Naledi.

Ba kgutlela ho Morena ho mo jwetsa hore Naledi ha a fumanwe hohle. "Eyang dihlahleng le batle teng," Morena Kadi a laela jwalo. O ne a tenehile haholo.

11

Ha Kgosatsana Naledi le Lesedi ba potlakela lebopong la noka, maru a matsho a qala ho rwalellana sepakapakeng. Sefefo se matla se ne se tla.

12

Katleho monna wa sekepe o ne a hohla sekepe sa hae ha baratani ba fihla ho yena. Lesedi o ile a kopa Katleho ho ba sesisetsa ka nqane ho noka.

Katleho a hana ho amohela, a hlalosa hore sefefo se matla se tla se potlakile, mme hoo ho ka ba kotsi.

13

Lesedi a phehella mme a hlalosetsa Katleho hore na hobaneng ba tlameha ho tshela noka. Yaba o kenya letsoho hare ka borikgweng ba hae a ntsha kgaketla ho e fa Katleho.

Ha Katleho a utlwa pale ya bona mme a bona botle ba kgaketla, a ba utlwela bohloko. A dumela ho ba sesisetsa ka nqane ho noka le maemong a jwalo a lehodimo.

14

Katleho a hulela sekepe haufi le lebopo mme a ba jwetsa hore ba kene. Yaba o nka masokwana a hae a qalella ho soka sekepe.

Ha morena Kadi le morenana Theko ba fihla lebopong, ba bona batho ba bararo ka hara sekepe. Ba elellwa hore banyalani ba banyenyane ba phonyohile.

15

Meya e matla e ne e tsukutla sekepe mme Katleho a sa kgone ho se laola. Morena Kadi a hweletsa, "Naledi, ka kopo hle kgutla! Ke o tshwaretse. Nke ka o otla kapa yena Lesedi."

Empa ho ne ho se ho sa thuse. Sekepe se ile sa phethoha mme batho ba bararo ba wela ka metsing, ba kgangwa ke metsi.

Kamora letsatsi leo, bohle boreneng ba morena Kadi ba ne ba ka nyala mang kapa mang eo baneng ba mmatla.

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Morena Kadi le moradi wa hae
Author - Amana Yunus
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Natalie Propa
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs