Kgoho o jalletsa Ntsu
Nathan Higenyi
Rob Owen

Kgalekgale Kgoho le Ntsu e ne e le metswalle. Ka tsatsi le leng, Ntsu a fumana Kgoho a dutse tlasa sefate a phomotse ka mekotlana ya hae ya dijo. Kgoho o ne a eme ka leoto le le leng.

1

Ntsu a botsa Kgoho, "Leoto le leng la hao le kae?"

2

Kgoho a jwetsa Ntsu, "Mongalebenkele o kgaotse leoto la ka mme a mpha mekotlana ena ya dijo."

3

Ntsu a botsa Kgoho hore na le yena a ka kgona ho etsa jwalo.

Le yena o ne a batla mokotlana wa dijo. Kgoho a dumela.

4

Ntsu a ya ho mongalebenkele mme a mo kopa hore a kgaole le le leng la maoto a hae hore a fumane dijo. Mongalebenkele a dumela.

5

Ntsu a tlolatlola ka leoto le le leng le tsela yohle ho ya hae. Empa o ne a thabetse dintho tseo mongalebenkele a mo fileng tsona.

6

Ha Ntsu a fihla hae, a fumana Kgoho a na le maoto a hae a mabedi.

7

Ntsu o ne a halefile mme a lelekisa Kgoho. Empa ha a ka a mo tshwara.

Ka hoo, Ntsu o dula a batlana le bana ba Kgoho. Ka nako tsohle ha a tshwara a le mong, o a mo ja.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kgoho o jalletsa Ntsu
Author - Nathan Higenyi
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Rob Owen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs