Metswalle
Zimbili Dlamini
Catherine Groenewald

Lebitso la ka ke Sello.

1

Ke na le metswalle e mene.

2

Mabitso a bona ke Zizo, Lele, Sisa le Ayanda.

3

Motswalle waka Zizo o rata ho bapala bolo ya maoto.

4

Motswalle wa ka Lele o rata ho sesa.

5

Motswalle wa ka Sisa o rata ho bapala boleke maipatile.

6

Motswalle wa ka Ayanda o rata ho bala.

7

Nna?

Ke rata ho etsa dintho tsohle tseo ba di etsang.

8

Ke bapala bolo ya maoto le Zizo.

9

Ke sesa le Lele.

10

Ke bapala boleke maipatile le Sisa.

11

Tloho, motswalle, wena o rata ho etsang?

12

Tloho, o tlo bapala bolo ya maoto le rona.

13

Tloho, o tlo sesa le rona.

14

Tloho, o tlo bapala boleke maipatile le rona.

15

Tloho, o tlo bala le rona!

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Metswalle
Author - Zimbili Dlamini, Hlengiwe Zondi
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Catherine Groenewald
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First words