Moru wa dinoha
Joseph Sanchez Nadimo
Rob Owen

Motse wa Sinyaire o potapotilwe ke dithajana. Dinoha tse ngata di dula morung dithajaneng tseo.

Noha e kgolohadi e ne e bitswa Unyalego, ke baahi. Noha e ne e tshosa batho ba bangata hobane e ile ya kwenya dipodi le dinku.

1

Tsatsi le leng, Apiyo, Ajoh le Atieno ba ne ba ya morung hoy a rwalla patsi.

Nkgono wa banana o ile a ba hlokomedisa, "Le hlokomele Unyalego noha e kgolo. Le se ke la nka letho morung ha ese patsi patsi feela."

Ke Ajoh feela ya sa kang a mamela nkgono wa hae.

2

Banana ba ile ba pakela lebese, dipanana, dipatata, le metsi. Ba ile ba nka diropo ho tlama patsi le sekele ho kapa patsi. Ba tloha ho ya morung.

3

Tseleng, banana ba ne ba qoqa, ba tsheha. Hanghang, Apiyo, e moholo ho bona, a re, "Tholang. Re se le moo Unyalego a dulang."

4

Atieno a bitsa ba bang, "Bonang, meno Unyalego a kgauta ke ana. Ha re a nkeng."

Apiyo a ba hopotsa, "Le se ke la lebala tlhokomediso ya nkgono. Ha re a tlameha ho nkla letho morung ka ntle ho patsi."

5

Ajoh a re, "Ha ke tshepe nkgono. Ke nahana hore o buile jwalo feela ho re thibela hore re se be le seo re se batlang. O mona. Ke tla nka meno a kgauta."

Bana babo ba ne ba tshwenyehile. "Ajoh, re o kgalemetse," ba rialo.

Ajoh o ne a sa kgathalle.

6

Motsotsong oo, Unyalego a tla ho batla meno a hae. O ne a kgenne hobane o ne a sa fumane meno a hae a kgauta kae kapa kae.

Yaba Unyalego o utlwa banana ba ntse ba bua ba bile ba tsheha. A ipata tlasa lefika pela tsela moo banana ba tlo feta teng.

7

Banana ba rwala patsi dihloohong tsa bona.

Hanghang, ba utlwa, "Shhhhhhhhh!" Ba ne ba tshohile ba leka ho ipata.

E ne e le Unyalego a butse molomo wa hae haholo, a ikemiseditse ho ba loma.

8

Unyalego a botsa banana, "Ke mang ya nkileng meno a ka a kgauta?" Yaba ha ho ya arabang.

Noha ya qeta ka ho leka banana.

"Ya se nang molato, o tla kgona ho bina a sa etse diphoso. O tla ya hae ka patsi ya hae. Empa ya molato o tla etsa diphoso. E tla ba dijo tsa ka matsatsi a mararo a latelang!"

9

Apiyo a qala ho bina ka lentswe le hlakileng. Yaba Atieno o bina pina.

10

La ho qetela, ya ba nako ya Ajoh. O ne a tshohile. O ile a atamela a qala ho bina. Empa pina ya hae ke ha e utlwhala e le mpe ebile mantswe a fosahetse.

Unyalego a hweletsa, "Ha o kgone ho bina hantle jwaloka ba bang?"

Noha ya tseba hore ke Ajoh ya nkileng meno a kgauta.

11

Unyalego a kwenya Ajoh. Bana babo ba mathela motseng ho ya tlaleha taba eo.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Moru wa dinoha
Author - Joseph Sanchez Nadimo
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Rob Owen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs