Phokojoe e lapileng le morara o bolila
Kholeka Mabeta
Benjamin Mitchley

Khale khale hone ho ena le Phokojoe e lapileng haholo. E ne e lula e tsamaea ka morung e shebana le lijo.

1

Eabe e fihla moo lifate tsa morara li lengoang teng. Ea bona lekala la morara le leketlileng le le holimo haholo.

2

Ea inahanela hore, "Ka 'nete ona morara o shebahala o le monate haholo." Ea chechela morao hanyane hore, etsebe hoea holimo-limo e qho'me ka mokhoa oo e ka khonang ka teng.

3

Morara o ne o le holimo-limo. Phokojoe ea oela ka mokokotlo e sa ts'oasa leha e se e le, moraranyana fela.

4

Phokojoe ea tsoha ea ea morao haholoanyane. Nakong ena e ne e se e pole'ne ho qhomela holimo-limo haholo. Ease khone ho qhomela holimo-limo haholo, empa ea oela ha bohloko haholoanyane ka mokokotlo.

5

Phokojoe ena, ea leka eaba ea leka. Empa e sa fumana letho. Ea oala hangata-ngata fela. Ho fihleletse ho fihleletse mokokotlo oa eana o le bohloko haholo.

6

Hofihleletse e be e tlohela, ea ngala ea tsamea.

7

Phokojoe e ne e sa thaba hohang. Ea ema, ea hetla ho sheba morara ona hape. Ea inahana hore, "Morara ono o bolila." Ea tsoela pele ka hotsamaea. Ene e se e lapile hofeta pele.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Phokojoe e lapileng le morara o bolila
Author - Kholeka Mabeta
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Benjamin Mitchley
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs