Kokonyana le Leeba
Kholeka Mabeta
Wiehan de Jager

Ho ne ho chesa. Ho ne ho omeletse.

Kokonyana e ne e nyeriloe.

1

"Ke batla metsi," ho rialo Kokonyana.

Ho ne ho sena metsi.

2

"Ke tla batla noka moo e leng teng," ho rialo Kokonyana. "E be ke tla noa," ho rialo Kokonyana.

Eaba, "Mutlanyana o re, o hlokomele hantle, noka e kotsi haholo!"

3

Kokonyana ea tsamaea holo batla noka. Ea tsamaea nako e telele.

Ea fumana noka. Ea noa metsi a noka.

4

Aaiee! Ea oela ka nokeng. "Nthuseng, nthuseng, ke ea kopa, oee!" a hoelehelitse ka lerata.

5

Leeba le lesoeu la tla le nkile thupa. Leeba lena la re, "Ts'oara thupa ena. Ke tla u thusa."

6

Kokonyana ea khona ho hloella thupeng. Leeba
la fofa le nkile Kokonyana ena ka thupa.

Eaba ke ho pholoha hoa Kokonyana.

7

"Ke tlameha ho leboha leeba," ke Kokonyana eo.

8

Bashanyana ba babeli ba ea nokeng. Ba nkile liqha. Ba ne ba batla hoja nama ea leeba.

9

"Oh, aee, ke tlameha ho thiba bashanyana bana
ba se ke ba bolaea Leeba," ho rialo Kokonyana.

Kokonyana eaba le menahano e meng. Ea qhomela holim'a leoto la moshanyana e mong. Ea moloma.

10

"Heleee!" a bua ka bohale. A etsa lerata. Leeba le lesoeu la fofa. La pholoha.

11

"Ke ea leboha Kokonyana, ke ea leboha!" ho rialo Leeba. Ke ts'omo ka mathetho.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Kokonyana le Leeba
Author - Kholeka Mabeta, Judith Baker
Adaptation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs