Mokoko Le Lengau
Yikii Kubbi Emmanuel
Mango Tree

Ka tsatsi le leng, diphoofolo tsohle di ne di dula mmoho morung.  Mokoko e ne e le morena wa tsona.

1

Mokoko a bolella diphoofolo hore  letlwepe le hloohong ya hae le entswe ka mollo. Ka baka lena, diphoofolo tsohle tsa tshaba mokoko.

2

Matsatsing ao, mollo o ne o fehlwa ka motsu wa seqha. Tsatsi le leng pula e na, motsu wa seqha wa Lengau wa ba metsi. O ne a sa kgone ho fehla mollo ho futhumatsa lelapa la hae.

3

Kahoo, Lengau a roma madinyane a hae ho ya kopa Mokoko ho ba fa mollo ho tswa letlwepeng la hae.

4

Mokoko o ne a sa thaba ho hang. O ile a leleka madinyane a Lengau a sa ba fa mollo. Lengau o ne a saretswe haholo ha madinyane a hae a kgutla a sa tshwara letho.

5

Bosiu bo boholo ha Mokoko a robetse, Lengau le madinyane a hae  ba ya utswa mollo ho tswa letlwepeng la  Mokoko. Lengau a nka jwang bo ommeng  ka ntle ho ntlo ya Mokoko.

6

A beha jwang bo omeletseng haufi le letlwepe la Mokoko ya robetseng. Empa jwang ba se ke ba hotela. Yaba ka hloko, o tshwara letlwepe. Le ne le bata!

7

Madinyane a Lengau le ona a tshwara letlwepe. Ho ne ho se mollo! Lelapa lohle la Lengau la qala ho tsheha.

8

Setsheho sa lengau sa tsosa Mokoko le dikgoho. Mokoko a shebisa letlwepe ka ho bona, a hweletsa, "Le lokela ho baleha. Ha le tshabe?"

9

Lengau a arabela, "Re thetsitse letlwepe la hao mme re a tseba ka leqheka la hao! Re tla ya re ilo bolella diphoofolo tse ding. Di tlo o halefela."

10

Dikgoho di ne di tshohile. Tsa baleha le Mokoko a baleha le tsona. Dikgoho tsa siya moru tsa ya dula le batho.

11

Ho tloha ka nako eo, dikgoho di ile tsa tshaba mangau mme tsa dula le batho ho fumana tshireletso.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mokoko Le Lengau
Author - Yikii Kubbi Emmanuel
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Mango Tree
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs