Ke ntho e le nngwe feela e fetohileng
African Storybook
Sibusiso Khumalo
Dumisani o ngola athikele bakeng sa makasine wa sekolo sa habo.
-
O inthaviuwa bana sekolong ka boiphihlelo ba bona ka sewa sa Khorona.
-
O bua le bona ka nako ya kgefutso.
1
“Le ile la nahana eng ha le qala ho utlwa ka kokwanahloko ya Khorona?” ho botsa Dumisani.
-
“Batho ba bangata ba kgolwa seo ba se bonang, eseng seo ba se utlwang. Qalong ba bang ba ne ba re kokwanahloko ena ha eyo,” ke Moses yeo.
2
Moses a tswela pele a re, “Batho ba bang ba ne ba sa batle ho latela melao. Ke ba bolelletse hore kaofela rona re lokela ho latela melao ya sewa hobane ha re sa etse jwalo, kokwanahloko ena e tla tswela pele ho jaleha...”
-
“Hae le setjhabeng, re latetse melao!” Zwanga a tlatseletsa.
3
Zwanga ke lefahla le Moses. Moses a mo sheba.
-
“Na o tiile?” ho botsa Moses.
-
“Ha ke re batho bohle setjhabeng, empa ba bang ba bona!” Zwanga a ipelaetsa.
-
Baithuti ba bang ba tsheha. Ho ne ho tshwana ho bohle.
4
“Ho ne ho na le melao le melawana e mengata!” ke Zwanga a honotha.
-
A tswela pele, “Se thetse sefahleho, se thetse nko, se thetse molomo, se ke wa palama bese moo batho ba petetsaneng. Hlatswa matsoho, sebedisa sanithaisa, apara maske, qhela bathong… ”
-
Zwanga o fellwake moya.
5
Moses a re, “Ho kwalwa ha naha kgetlo la pele ho ne ho le hobe haholo.”
-
Dumisani a botsa sehlopha, “Le sebetsane jwang le ho kwalwa hwa naha?”
-
“Ho ne ho se monate! Hoo re neng re ho etsa ene e le ho dula hae re shebelle thelebishene. Qalong le hoya kantle e ne e le bothata.”
6
“Ho ne ho le thata ho balla hae ka baka la lerata le lengata,” ho rialo Basani.
-
“Ke ne ke le mong. Ke ne ke hloka motho ya ka ntlhalosetsang mosebetsi oo ke neng ke o neuwe,” ho bua Bongi.
-
“Le nna ke ne sokola haholo ka mosebetsi wa sekolo, ho bua Mpho.”
7
“Na le ile la thabela ho bulwa ha dikolo?” Dumisani a ba botsa.
-
“Kelello ya ka ka ho boela sekolong, ene e le hore ha ho a bolokeha ho hang,” ho araba Andzani.
-
Abdula a dumela, “Rona jwalo ka baithuti re ka nna ra se latele melao kapa ra lebala.”
8
“Ke ne ke nahana hore dikolo di se bulwe,” ho rialo Basani.
-
Mpho yena a re, “Ke ne ke thabetse ho kgutlela phapusing yaka sekolong.”
-
“Le nna!” Moses a tshwaela, empa Zwanga yena a oma ka hlooho.
-
“Ke eng ho fetohileng jwale mona sekolong?” ho botsa Dumisani.
9
Moses a re, “Ho fetohile ntho e le nngwe feela mona sekolong ka baka la sewa sa Covid-19 mme hono ke…”
-
“… ke hore tsohle di fetohile!” Zwanga a qetella polelo ya abuti wa hae.
-
Metswalle ya tsheha, ya dumela. Tshepe ya lla, ke nako ya ho kgutlela phaposing.
10

Dipotso


  1. O ile wa nahanahg ha o qala ho utlwa ka Covid-19? Hlalosa.
  2. Hlalosa lentswe ka leng ka mantswe a hao: sewa, sanithaisa.
  3. Batla mantswe paleng a latolang ana: fela, lla, lefeela.
11


Pale ena e theilwe dirapotong tsa radiyo ya RX. Radio ena ke ya inthanete ya bana.
-
Radiyo RX e haswa ho tswa Red Cross War Memorial Children’s Hospital Motseng wa Kapa.
-
RX e thusa bana ho bua dipale ka ditaba tse ba amang tse bohlokwa ho bona.
-
Ketelo seyalemoyeng sa RX
12
Your attribution should include the following:
Title: Ke ntho e le nngwe feela e fetohileng
Author/s: African Storybook
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Sibusiso Khumalo
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator