Naka le Nala ba bua ka metsi
Eric Khorombi
Simon Mokoena
Naka le Nala ba etsa mosebetsi wa sekolo wa hae. Ba ithuta ka metsi.
-
“Metsi ha a na mmala empa ke mohlodi wa bohlokwa!” ho kgotsa Nala.
1
Naka o ya dumela, “Diphedi tsohle di hloka metsi. Batho ba sebedisa metsi ho nwa, ho pheha, ho hlwekisa, le bolemi.”
-
“Le ho etsa dintho difemeng,” Nala a tlatsa.
2
“Halofo ya mmele le ho feta, e entswe ka metsi! Metsi a etsa ho hongata ho feta ho nyorolla feela. Hore mmele ya rona e kgone ho sebetsa, e hloka metsi,” ho rialo Naka.
3
“Boholo ba lefatshe bo kwahetswe ke metsi, jwaloka dinoka, matamo, matsha le mawatle,” ho bolela Nala.
-
Naka o tsitsinya hlooho, “Pedi tharong ya lefatshe ke metsi.”
4
“Empa boholo ba metsi lefatsheng a letswai. Ke karolo e nyenyane feela ya metsi a hlwekileng, e leng ona ao batho ba a hlokang,” ho rialo Naka.
5
“Metsi a letswai a na le letswai, mme ho thata ebile ho a tura ho ntsha letswai metsing. Empa batho ba keke ba nwa metsi a letswai, ba nwa a hlwekileng feela!” ho kgotsa Naka.
6
“Ee, ke ka hona re tshwanetseng ho hlokomela mehlodi ya metsi a hlwekileng lefatsheng. Ha re a tshwanela ho silafatsa dinoka le matsha ka ditshila,” ho rialo Nala.
7
“Ha re ithuteng ka potoloho ya metsi,” ho bolela Naka.
-
“Ke mokgwa oo metsi a tlohang lefatsheng a moyafallang moyeng e be a kgutlela fatshe hape,” ho hlalosa Nala.
8
Nala o tswela pele, “Marothodi a manyanyane a nyolohela lefaufaung a bope maru. Metsi a marung a theohela fatshe jwaloka pula, sefako, kapa lehlwa.”
9
Naka a kgotsa, “Ke nyorilwe, ke hloka metsi!”
-
Nala araba, “Ee, boko ba hao bo hloka metsi ho nahana le ho ithuta! Metsi ke bophelo, a hlokomele.”
10

Dipotso


  1. Ke mang a hlokakang metsi a hlwekileng? Hobaneng
  2. Bolela mesebetsi e mehlano ya metsi a hlwekileng.
  3. Re ka hlokomela metsi jwang lefatsheng?
  4. Metsi a lefatsheng boholo a letswai kapa a hlwekile? Hlalosa.
  5. Hlalosa potoloho ya metsi. Sebedisa mantswe a pale ho hlalosa.
11
Your attribution should include the following:
Title: Naka le Nala ba bua ka metsi
Author/s: Eric Khorombi
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Simon Mokoena
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator