Lihle le Lwandle ba ithuta ka Lehlabula
Glanice Masilo
Khanyisa Masemola
Lihle le Lwandle ba ya laeboraring ho itokisetsa dihlahlobo.
-
Lihle o eme kantle. O bitsa ngwanabo, “Phakisa Lwandle.”
1
“Ke se ke itokisitse,” ho rialo Lwandle a kwala monyako o ka pele.
-
“Hobaneng o apere diaparo tseo? Keng ka wena, o a kula?” ho botsa Lihle.
2
“Haeba ho ka bata, ke lokile!” ke Lwandle a senne.
-
“Ke letsatsi le futhumetseng la Lehlabula. O aparetse sehla se fosahetseng,” ho araba Lihle.
3
Ha ba ntse ba tsamaya, Lwandle a re, “Ke hoseng, empa letsatsi le se le tjhesa le hlakile.”
-
Lihle a araba, “Ee, ke ka hoo batho ba apereng diaparo tsa Lehlabula!”
4
Lihle a hlalosa, “Sehleng sena, letsatsi le tjhaba kapele ebile le dieha ho dikela. Dihora tsa motsheare di ba telele. Ditempereitjha di nyoloha ho feta dihla tse ding kaofela.”
5
“Ha o sa hopola seo mosuwe a re bolelletseng sona?” ho botsa Lihle a tenehile.
-
Lwandle a nahana, yaba ore, “Ee, ka Lehlabula re nwa dinomaphodi. Ke batla senomaphodi!”
6
“Lehlabula, re apara diaparo tse bobebe. Batho ba bang ba itshireletsa letsatsing ka di kgele,” ho rialo Lihle.
-
“Hata butle, kea tjha!” ho rialo Lwandle a belaela.
7
“Bona batho ba iphodisa ka letamong. Ha re lo sesa, ho tjhesa haholo bakeng sa ho ithuta,” ke Lwandle a tsheha.
-
Lihle o sisinyetsa ngwanabo hlooho.
8
“Ke rata dikwafa le dilitjhi,” ho rialo Lihle, a shebile ditholwana tse rekiswang.
-
“Ke nyorilwe,” ho hefutsa Lwandle.
-
“Nka, ke tlile le metsi,” ke Lihle a bosesela.
9
“Motjheso ona o mongata! Lehlabula le feta neng?” ho rialo Lwandle a hefesela.
-
“Tlwaela, Lehlabula le sa tswa qala! Ditempereitjha di tla tswela pele ho nyoloha,” ho rialo Lihle a tsheha.
10

Dipotso


  1. Fumana mantswe a mararo paleng a hlalosang Lehlabula.
  2. Ke ngwanana o fe ya apereng diaparo tsa:
    • Mariha?
    • Hlabula?
    Hlalosa Karabo ya hao.
  3. Bolela dintho tse pedi tse ka re phodisang ha ho tjhesa.
  4. Ke dikotsi dife tse bakwang ke dula letsatsing nako e telele?
  5. Fuputsa dinaha tse hlano tse bang le Lehlabula, Selemo, Mariha le Hwetla kontinenteng ya Afrika.
11
Your attribution should include the following:
Title: Lihle le Lwandle ba ithuta ka Lehlabula
Author/s: Glanice Masilo
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2025 (Updated Edition)

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator