Manepe
Martha Kekana Mathamela
Tammi Mbambo
Kopano le Lereko ba ne ba ja dikuku tseo mme wa bona a ba baketseng tsona.
-
Dikuku tseo di ne di kgapatseha ka manepe.
1
Lereko a botsa mmabona, “Manepe a tswa kae mme?”
-
“Manepe a etswa ke dinotshi ngwanaka,” ho rialo mme.
2
“Dinotshi di etsa manepe ho tswa dipaleseng. Di bokella lero le modula dipaleseng.”
-
“Dinotshi di hasanya modula dipaleseng tse ding.”
3
“Hona ho bitswa tulafatso – di thusa dimela ho ikatisa ka ho hasanya modula.”
-
Modula ke karolo ya peo.
4
“Dinotshi di hasanya modula pakeng tsa dimela. Di tulafatsa dijalo tsa rona,” ho rialo mme.
-
“Re boela re fumana dihlahiswa tsa bohlokwa dinotshing.”
5
“Ke a tseba! Re fumana manepe dinotshing,” ho bua Kopano.
-
“Manepe a tswereke, mme a monate!” Lereko a tlatseletsa.
6
Manepe a boetse hape a sebediswa merianeng.
-
“Dipidisi le diphofo tse itseng tse merianeng ya setho, ke dihlahiswa tsa manepe.”
7
“Manepe a kokobetsa mmetso o bohloko, mokgohlwane le sefuba.”
8
“Manepe a thusa ho fodisa maqeba le letlalo le tjheleng.”
9
“Manepe ha a lokela masea. A ka a kudisa haholo,” ke mme a fana ka tlhokomediso.
10
“Na le ne le mametse ka hlooko? hobaneng dinotshi di le bohlokwa?” ho botsa mme.
-
“Di tulafatsa dijalo!” ke Lereko yeo.
-
“Hape di etsa manepe!” ha bua Kopano.
11
Ho tloha tsatsing leo, Kopano le Lereko ba hlompha dinotshi.
12
Your attribution should include the following:
Title: Manepe
Author/s: Martha Kekana Mathamela
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Tammi Mbambo
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator