Leeto la Xikochimani
Hlekane Paulinah Baloyi
Brian Wambi
Xikochimani o ile a tsoha hoseng haholo ka letsatsi leo.
-
E ne e le motho wa pele setopong sa dibese le ditekesi.
-
Ene e le leeto la Xikochimani la pele a le mong.
1
O ne a tjhakela ntate moholo wa hae, Galela toropong.
-
Hang hang, monna a hweletsa mabitso a ditulo tseo Xikochimani a di tsebang.
-
“Atamelang, bese e se e tsamaya!” ho hweletsa monna.
2
Bese e ne e se e tlala. Xikochimani o ne a emetse hore nomoro ya tekete ya hae e bitswe.
-
Moshanyana o ne a eme monyakong wa bese.
-
Xikochimani o ne a sena mamello.
3
Setulo sa Xikochimani se ne se le pela fesetere, pela banyalani ba bitswang Rhulani le Madzivandlela.
-
Ho ne ho tjhesa haholo ka beseng.
4
Barekisi ba kena ba salane morao beseng, lerata la bona le thiba ditsebe.
-
Ba ne ba rekisa dinwamaphodi, dipanana, dipompong, nama le diseneke.
5
Madzivandlela a ntsha tjhelete ka sefubeng a reka ditholwana ho monna ya sefahleho se edileng.
-
A phutha buka mme a qala ho kotsola le ho natefelwa ke ditholwana tsa hae.
6
Mokganni wa bese a palama beseng. A dumedisa bapalami. “Qhanollang le natefelwe ke leeto,” ho hweletsa mokganni.
-
Mzamani a pheta mantswe ohle a mokganni!
7
Tsela eyang toropong e ne e le telele e kgathatsa.
-
Xikochimani o ne a thabile a boha botle ba naha ha bese e ntse e tsamaya.
8
Ho ne ho ntse ho tjhesa haholo ka beseng ha letsatsi le dikela. Bapalami ba ne fufuletswe ba otsela.
-
Rhulani o ne a tshwere mokotla wa hae ka thata ha a ntse a robala.
9
Ho eso ye kae ke ha Xikochimani, Rhulani le Madzivandlela ba robetse.
-
Madzivandlela o ne a gonela hodimo.
-
Ba kgaleha ha bese e ntse e tsamaya hara bosiu.
10
Letsoho la sisinya Xikochimani ha bonolo lehetleng. A qetella a tsohile.
-
“Sena ke seteishene sa ho qetela, wena o ya kae?” ho botsa monna ya ka mora Xikochimani.
11
Xikochimani a theoha beseng.
-
A seke a bona sefahleho seo a se tsebang.
-
A bua a le mong a re, “Ke Xikochimani wa Rhulani wa Galela wa Xihimu. Ke tla fihla ha ntate moholo wa ka.”
12
Your attribution should include the following:
Title: Leeto la Xikochimani
Author/s: Hlekane Paulinah Baloyi
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Brian Wambi
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator