Brenda Fassie kgosatsana ya mmino wa pop wa Afrika
Sara Mohale
Khanyisa Masemola


Ka di 3 tsa Pudungwana, 1964, motseng wa Langa, Kapa, ho ile ha tswalwa sebini se tjhatsi. Lebitso la sona e ne e le Brenda Nokuzola Fassie.
-
Dimilione tsa balatedi ba hae ba ile ba mo rea ‘MaBrrr’.
-
Lelapa labo le ne le futsanehile haholo. Mmae o ne a sebetsa malapeng, mme ntatae yena o ile a hlokahala ha Brenda a le dilemo tse pedi feela.
1
Brenda e ne e le ngwana wa ho fela ho bana ba robong. Mmae o ne a lebelletse moshanyana, mme e itse hoba ho hlahe Brenda a lokela ho nahana lebitso la ngwanana ka pele.
-
Jwaloka sebini mmae a nka qeto ya ho rea ngwanana wa hae ka sebini sa Amerika, Brenda Lee.
2
Ha a le dilemo tse nne, Brenda o ne a bina meketeng ya kereke, mmae a letsa piano mme Brenda a binela phutheho.
-
Ha Brenda a le dilemo tse tsheletseng o ne a se a bina le sehlopha se bitswang, ‘Tiny Tots’, bona ba ne binela bahahlaodi ebe bahahlaudi bao bona ba ba lefa.
3
Ha a kena borwetsaneng Brenda o ne a se a tsejwa ke dibini tsa motse Kapa.
-
Mohlahisi ya tummeng, Koloi Lebona o ile a tjhakela Brenda. Koloi yena a kgahlwa ke lentswe le phefa la Brenda.
-
Brenda yaba o fallela Johannesburg moo a ileng a theha sehlopha se bitswang ‘Brenda and the Big Dudes’.
4
Sehlopha ka pelenyana sa hatisa pina, ‘Weekend Special’ yona e ile ya rekwa haholo.
-
Balatedi ba Brenda lefatshe ka bophara, ba batsho le ba basweu, batjha le baholo ba ne ba bonwa ba tjekela pina ena!
-
Jwaloka ha lebitso la pina le bolela e ne e letswa haholo mafelong a beke ho tloha Labohlano ho isa Sontaha.
5
Ka selemo sa 1998, Brenda o ile a sebetsa le mohlahisi wa mmino, Chicco Twala. Bobedi ba hatisa ditlabolane tsa dipina ka ho latelana: ‘Too late for Mama’, ‘Memeza’, ’Nomakanjani’ le tse ding.
-
Katleho ena e ile ya latelwa ke dikgau tsa mmino tse ngata, KORAs, SAMA, Best Female Artist, Best-selling single, le tse ding. Jwale MaBrr o ne a tumme lefatshe ka bophara!
6
Mona Afrika Borwa, Brenda o ne a tumme hoo ho neng ho sena mokete moo o ke keng wa utlwa enngwe ya dipina tsa hae.
-
Vulindlela’ e ne e ratwa haholo manyalong.
-
Ag shame lovey’ e ne e ratwa ke bana bona ba ne ba rata ho mo etsisa ha a bina le ha atjeka.
7
Balatedi ba hae dikonsareteng ba ne ba utlwahala ba hweletsa lebitso la hae e le ha ba teneha hore o hlwella neng kalaneng.
-
Balatedi ba ne ba mo hweletsa, ba be ba bine le yena ba be ba lle. Ha ba utlwa lentswe la hae, ba ne ba sutumetsana ba leka ho hlwella kalaneng hore ba ame le naletsana ya bona!
-
Lentswe le metjeko ya hae tsa mo etsa sebini se hlwahlwa ka nnete.
8
Ka 1990, MaBrrr o ile a bontsha thlompho ho mopresidente, Nelson Mandela, yeo a neng a sa le kgolehong ka nako yeo, ka sebabolane sa pina, ‘Black President’.
-
Ha morao pina ena e ile ya thibelwa ke mmuso wa kgatello wa nako yeo. Hona ho ile ha etsa hore Brenda a nke qeto ya ho bina ka seZulu, seXhosa le Sesotho.
-
Balatedi ba hae baile ba thabela seo le ho feta!
9
Le ha Brenda a ile a phethahatsa ditoro tsa hae o ile a hlokahala ka la 9 Motsheanong 2004 a sa le monyane, a le dilemo tse 39 feela.
-
Ene ele letsatsi le bohloko Afrika Borwa.Batho ba ne ba tshohile ba makaditswe ke lefu la mmamoratwa wa bona wa mmino.
-
O siile mora hae Bongani.
10
Ka mora lefu la hae, balatedi ba Brenda ba ile ba potlakela ho ya reka mmino wa hae.
-
Ba ne ba nahana hore mmino wa hae o keke wa hlola o eba teng.
-
Ho tshetjwa hore kgwebo yeo e ile ya rekisa diketekete tsa mmino wa Brenda ka nako yeo.
11
Brenda o ile a tlotlwa ka seemahale mane Newtown motseng wa Johannesburg.
-
Haufinyana le seemahale ho na le setulo seo batho ba ka dulang ho sona ho itiisa nakonyana le kgosatsana ya Afrika ya mmino wa Pop. Tlotlo e nngwe ke ha a balwa e le sebini sa bo 17 ho ba 100 ba hlwahlwa ka ho fetisisa mona Afrika Borwa.
12
Hona ha bontsha hore Brenda e ne e le sebini se hlwahlwa seo se ke keng sa lebalwa.
-
Ke sebini se hlwahlwa sa Afrika Borwa se susumeditseng dibini tse ngata.
-
Le kajeno batho ba sa thabela mmino wa hae.
13

Dipotso


  1. Brenda o tswaletswe kae?
  2. hopola hore ke ka baka lang ha sehlopha sa mmino se ile sa rewa ‘Tiny Tots’?
  3. Mmino wa Brenda o ne o etsa hore balatedi ba ikutlwe jwang? Hlalosa karabo ya hao.
  4. Ho bolelang hore ‘mmuso wa kgatelo’? Botsa batho ba baholo hore o fumane tsebo e tebileng.
  5. Taka le ho thala karolo yeo o e ratileng ka pale ena.
14


Pale ena e qapuwe le ho ngolwa ka Sepedi, e le karolo ya projeke ya 2021 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
15
16
Your attribution should include the following:
Title: Brenda Fassie kgosatsana ya mmino wa pop wa Afrika
Author/s: Sara Mohale
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: : Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator