Matla a Smangaliso
Sponono Mahlangu
Khanyisa Masemola
Lefatsheng le leng ka nqane ho noka ya Limpopo ho dula Simangaliso.
-
Ho utlwahala hore Simangaliso o na le mefuta e ikgethileng ya matla.
-
Batho bohle motseng wa heso ba bua ka yena.
1
Simangali o lentswe le monate le molodi. O dula morung moo a binelang dinonyana le diphoofolo.
-
O bina qetellong ya letsatsi le leng le le leng. Batho ba tloha hole ho tla mamela lentswe la hae le molodi.
2
Simangaliso o na le moriri o bolelele boo ho seng motho a kileng a bo bona. O fetola moriri wa hae ka moo a batlang. O kgona ho o nyametsa le ho o hlahisa hape.
-
Ka mehla ha a bina, moriri o a theoha o kwahele sefahleho sa hae.
3
Simangaliso o tsamaya hara moru tsatsi le leng le le leng.
-
O kgona ho utlwa le ho nkgella kotsi.
-
O kgona le ho utlwa ha motho a etla ho yena ka merero e mebe.
4
Ka tsatsi le leng, Simangaliso a nka qeto ya ho batla ho tseba hore bophelo bo jwang ka nqane ho noka ena e sephara.
-
A nka qeto ya ho nka leeto.
-
Ha a fihla pela noka ena e kholo, a ipotsa, “Ke tla tshela jwang?”
5
Simangaliso a nahana motsotswana yaba o a hweletsa, “Matla! Matla!”
-
Hang borokgo ba hlaha.
-
A tshelela ka nqane ho noka, a tswela pele ka leeto. A tsamaela hole le moru oo a neng a o tseba.
6
Simangaliso a kgathala. “Ke hloka ho phomola,” ke yena a nahana.
-
A hweletsa, “Matla! Matla!”
-
Hang jwang ba mela ho mopotoloha. Simangliso a dula fatshe hodima jwang bo phodileng.
7
Simangaliso a lapa. “Ke hole le moru. Ke tla fumana dijo kae?” ke yena a ipotsa.
-
A nyeka dipounama tsa hae a hweletsa, “Matla! Matla!”
-
Hang dipitsa tse lelea, dikotlolo le dikopi tsa hlaha.
8
Dijo le dino tse ratwang ke Simangaliso tsa wela ka hara dipitsa, dikotlolo le dikopi tse lelea.
-
A ja, a nwa ka moo a sa kgoneng.
-
Yaba o utlwa lentswe.
9
Simangaliso a utlwa boteng ba ka le pele ke mo atamela.
-
A hweletsa, “Ke mang yeo?”
-
Ka araba ka lentswe le lesesane, “Ke nna. lebitso la ka ke Buumi.”
-
Simangaliso a tseba hore ke tla ka merero e metle.
10
“Ke lahlehile," ka bua ka lentswe le lesesane.
-
"Tloho o tlo ja o nwe le nna!" Ke Simangaliso a mo mema.
-
Ke ile ka ja, ka nwa ka moo ke batlang.
-
Ke ile ka bolella Simangaliso ka moo ke lahlehileng ha ke setse kgaitsedi ya ka morao.
11
Simangaliso a mphethela ka leeto la hae la ho tseba hore bophelo bo jwang ka nqane ho noka.
-
Yaba o a bososela a hweletsa, “Matla! Matla!”
-
Yaba ke ka moo ke ileng ka iphumana ke eme ka pela ntlo ya batswadi ba ka.
12
Your attribution should include the following:
Title: Matla a Smangaliso
Author/s: Sponono Mahlangu
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator