Mmatsae Mocha Diale le matla a letsatsi
Thembekile Malibe
Omphemetse Patient Ramatlhatse


Buka ena e ka ha Mmantsae Moche Diale, Masaense wa mona Afrika Borwa.
-
Mmantsae ke Masaense ya ithutang ka Matla a letsatsi le tsela tseo batho ba ka a sebedisang ka teng.
1
“Baithuti ke batla ho le bolella ka Masaense wa bohlokwa mona Afrika Borwa,” ho rialo titjhere Mpilo.
-
“Motho enwa o qadile bophelo ba hae motsaneng o monyenyane Limpopo mme ya e ba Masaense e moholo.”
-
“Fisiks ke mofuta wa saense o shebanang le tsebo ka ntho tse tshwarehang le motlakase,” ho eketsa tichere.
2
“Mohale wa rona wa kajeno ke Mmantsae Moche Diale,” Titjhere a tswela pele.”
-
“O tswaletswe mahaeng a Ga-Masemola Limpopo, mme a kena sekolo se bitswang Sekobetlane Maphutha.”
-
“Ho ne ho ena le dipalo tse kgolo tsa motlakase motsaneg oo a neng a dula ho ona, empa hone ho sena motlakase.”
3
“Ha a ntse a hola, o ile a ba le thahasello ya ho tseba ka motlakase le hore a fumanwa jwang. O ne a tseba hore batho bohle ba hloka ho ba le motlakase o lekaneng ho phetha ditlhoko tsa bona.”
-
Titjhere a kgutsa sebakanyana yaba o a botsa, “Na ho na le ya tsebang mehlodi ya matla a motlakase?”
4
“Mashala ke mohlodi wa bohlokwa. Re besa mashala ho fehla motlakase,” ke Nhlavu yeo.
-
“E, empa lefatshe le na le kgaello ya mashala le mehlodi e meng ya motlakase e sa ntjhafatsweng,” titjhare a araba.
-
“Letsatsi le moya ke mehlodi e ntjhafalang,” ho rialo Teko, mme tijhere a dumela ka hlooho.
5
Titjhere a tswela pele ka pale, “Mmantsae o ne a tseba hore o batla ho fumana tsela ya hore bohle ba be le motlakase o theko e tlase, o hlwekileng o tswang disebedisweng tse ntjhafalang.”
-
“O ithutile thuto ya dipalo le saense ya tlhaho sekolong. O ne a rata fisiks. O ne a tseba hore o batla ho ithuta fisiks unibesithing,” ho rialo titjhere.
6
“Batho ba botsa Mmantsae, ‘O nahana hore o tla etsang ka fisiks? Na o ka kgona ho fumana mosebetsi?’ Ba leka ho mo nyahamisa.”
-
“O ithutse gerata ya saense le botitjhere hore a kgone ho ruta saense. Hape o ne a ena le takatso ya ho ithuta ka mehlodi e ntjhafatswang ya motlakase,” ho rialo titjhere.
7
“O ne a nkile mohlala ho mang?” Teko a botsa.
-
“Ho ne ho se basadi ba bangata ba sebetsang lekaleng la saense,” ho araba titjhere.
-
“Mmantsae o ne a sebetsa le borasaense ba banna feela. Ho ne ho se na basadi bao e neng e ka ba mohlala ho yena.”
8
“Kamora ho ithuta dilemo tse ngata, Mmantsae ya e ba Moprofesa wa Saense. Jwale o ruta le ho batlisisa unibesithing,” ho bolela titjhere Mpilo.
-
“Ke mohlala ho basadi ba batjha ba lefapheng la saense, haholoholo lekaleng la fisiks.”
-
“O etsa dipatlisiso tsa bohlokwa,” ho rialo titjhere.
9
“Dipatlisiso tsa hae ke tsa ho fumana ditsela tsa ho hohela matla a letsatsi a mangata le ho a boloka.”
-
“Matla ana a bolokilweng a ka sebediswa ho fana ka motlakase dibakeng tsa mahaeng.”
-
“Matla a motlakase a letsatsi a theko e tlase mme a ya ntjhafatswa.”
10
“Na le ka mpolella hore ho bolelwang ka mehlodi ya motlakase e ntjhafatswang le e sa ntjhafatsweng?”
-
“Motlakase o ntjhafatswang ke motlakase o sa feleng jwaloka letsatsi,” Thato a araba.
-
“Motlakase o sa ntjhafatsweng o a fela jwaloka mashala a sa kgoneng ho ntshafatswa,” ke Tumelo yeo.
11
Thuto e ya pheletsong.
-
Titjhere a phethela ka hore, “Mmantsae o etellapele sehlopha sa babatlisisi ba ithutang ka motlakase o hlwekileng, o ntjhafatswang.”
-
“Sepheo sa dipatlisiso ke ho hlahisa ‘disele tsa letsatsi tse kgonang ho hohela matla a letsatsi ebe a di isa bathong’.”
12
Ha baithuti ba ntse ba phutha, titjhere Mpilo a re, “Moprofesa Diale o lakatsa ho bona basadi ba bang ba ithuta fisiks. Ke tshepa hore banana ba bangata ba tla ithuta lekala la saense le dipalo!”
-
“Oo, le bashemane hle!” Ho bososela titjhere.
13

Dipotso


  1. Hobaneng ha Mmantsae a ne a na le thahasello ya ho tseba ka motlakase bonyaneng?
  2. Matla a letsatsi ke eng, mme a ka sebedisetswang?
  3. Moprofesa Diale ke mofuta ofe wa masaense mme o batlisisa ka eng?
  4. Ke mathata afe a ileng a kgahlana le ona ho phethiseng ditoro tsa hae?
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Andile Mji
  • Asnath Mahapa
  • Bongani Mayosi
  • Charlotte Maxeke
  • Mmantsane Moche Diale
  • Mulalo Doyoyo
  • Tebello Nyokong
  • Tshilidzi Marwala
15


Buka ena e qapuwe le ho ngolwa ka siSwati jwaloka karolo ya porojojeke ya 2020 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Mmatsae Mocha Diale le matla a letsatsi
Author/s: Thembekile Malibe
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Omphemetse Patient Ramatlhatse
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator