Lihle le Lwandle ba palame bese ho tjhakela maloma bona Lesotho.
-
Ke leeto la bona la pele naheng e nyenyane e dithabeng.
1
Banana ba ithuta ka tikoloho ya bona ba sa le beseng.
-
“Ho lehlwa hohle,” ho kgotsa Lwandle.
-
“Ekare kobo e tshweu e kwahetseng tsohle,” ke Lihle a dumela.
2
“Ke thabile bese e futhumetse ka hare!” ho kgotsa Lwandle.
-
“Ee, ho a bata kantle. Mariha tempereitjha e ba ka tlasa kgwamo,” ho rialo Lihle.
3
“Mariha ditempereitjha Lesotho di bata ho feta hae Limpopo,” Lihle o tswela pele.
-
“Brrr, ke tshepa hore ke pakile diaparo tse lekaneng tse mofuthu,” ho rialo Lwandle.
4
Bese ya fihla mme banana ba phahamisetsa maloma bona matsoho. O apere jase e kgolo, sekhafo le katiba.
-
“Ee-ee!” Lwandle a thothomela ha a tswela kantle.
5
Dijeresi tsa banana di bobebe haholo bakeng sa tempereitjha ya mona.
-
Malome o tletse batjhana dikobo tse ntle tse mofuthu.
-
“Le amoheleile Mariheng!” ke malome a dumedisa.
6
“Hlokomelang moo le hatang, ho leqhwa ebile ho a thella,” o a ba hlokomedisa.
-
Ba feta sehlopha sa dinku tse boyahadi di bokane hore di futhumale.
7
Ka tlasa lehlwa jwang bo omme ebile bo sootho.
-
Jwang bo a fokola hore diphoofolo di kgone ho fula.
-
Dijalo tse ngata di kgaotsa ho hola kapa di a shwa Mariha.
8
Banana ba ora mollo ka motlotlwaneng wa malome.
-
O ba fa nama le ditapole tse tjhesang. “Lekgotlwane lena le tla le futhumetsa,” a rialo.
9
“Mariha, letsatsi le dieha ho tjhaba empa le dikela ka pele. Nakong e ngata re dula ka tlung,” ho rialo malome.
-
“Re ikemiseditse ho bala dibuka le ho bapala,” banana ba buela hong.
10
——Dipotso
Lihle le Lwandle ba hokae? Fumana sebaka seo mmapeng
Ke sehla se fe selemong?
Fana ka mantswe a mararo a hlalosang sehla sena.
Mariha a Lesotho a tshwana le a moo o dulang? Hlalosa.
O rata Mariha a ho kae? Hobaneng?
O nahana hore ke hobaneng ha dimela tse ngata di sa hole le ho shwa Mariha?.
Hlalosa hore ke hobaneng ha letsatsi le dieha ho tjhaba empa le dikela kapele Mariha.
11
Your attribution should include the following: Title: Lihle le Lwandle ba ithuta ka Mariha Author/s: Ndivhuho Mutsila Translator/s: Mathapelo Morake Illustrator/s: Vusi Malindi Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi Language: Sesotho (South Africa)