Lindle le Lwandle ba ithuta ka Selemo
Tebogo Matshana
Tebogo Matshana
Lihle le Lwandle ba Kapa Leboa ba tjhaketse Lina motswala bona.
-
Lina o ba isa Namaqualand ho ya boha dipalesa.
1
Banana ba maketse.
-
“Naha e kwahetswe ke dipalesa tse mebala e kganyang!” ho kgotsa Lwandle.
-
Lina wa bosesela, “Qalong ya selemo, dipalesa tse ngata di thunya mona.”
2
Lina o tswela pele, “Ka mora pula, ha ditempereitjha di nyoloha, dipalesa di hlaha hohle.”
-
“Ka nako e kgutshwane, naha ena e omelletseng e fetoha masimo a dipalesa.”
3
“Ka Selemo, mme o jala peo serapeng. Ke mang a jetseng dipalesa moo?” ho botsa Lwandle.
-
Lina o ya araba, “Ke dipalesa tse hlaha, ha ho motho ya di jetseng.”
4
“Namaqualand e na le mefuta e mengata ya dijalo, diphoofolo le dikokonyana,” ho rialo Lina.
-
“Ke nahana hore lentswe le hlalosang hona ke “biodiversity” ke Lihle a hopola.
-
“Bio-Eng?” ho botsa Lwandle.
5
“Ee, biodiversity ke ha ho ena le mefuta-futa ya dintho tse fapaneng tse phelang tulong e itseng,” ho araba Lina.
-
“Biodiversity ka thlaho e bopa tikoloho e hlwekileng,” ho rialo Lihle.
6
Banana ba feta modisa wa dinku.
-
“Baaaa!” nku ya lla.
-
“Baaaa!” banana ba e etsisa.
-
“Dikonyana tse ngata di tswala ka selemo,” ho elellwa Lihle.
7
“Diphoofolo tse ngata di tswala le ho qhotsa ka Selemo,” ke Lina a dumela.
-
“Ke rata madinyane a diphoofolo! Hantle-ntle selemo se qala neng?” ho botsa Lwandle.
8
“Ho thata ho noha hantle dihla tsa selemo,” ho araba Lina.
-
O tswela pele, “Empa ka kakaretso re bona matshwao a pele a selemo mona ka Lwetse.”
9
“Wetara e qala ho futhumala ebe pula e ana,” ho rialo Lina.
-
“Ebe, ka nako e kgutshwanyane lehwatata le fetoha serapa sa dipalesa tse hlaha,” ho rialo Lihle a bosesela.
10

Dipotso


  1. Lihle le Lwandle ba ho kae? Fumana sebaka seo mapeng.
  2. Ke sehla se fe sa selemo?
  3. Ho etsahalang ka nako ye ya selemo?
  4. Selemo sea tshwana kapa se fapane le sa moo o dulang? Hlalosa.
  5. Dimela di hloka eng hore di hole?
  6. Ke sehla se fe seo o seratang? Hohaneng?
11
Your attribution should include the following:
Title: Lindle le Lwandle ba ithuta ka Selemo
Author/s: Tebogo Matshana
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Tebogo Matshana
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator