Komporo ke motjhini o sebetsang ka tlhahisoleseding.
-
Ena ke mefuta e mene ya dikomporo:
-
lepothopo (1)
-
deskethopo (2)
-
founo e ntle / semate founu (3)
-
thablete (4)
1
O sheba tlhahisoleseding sekerining (5).
-
O thaepa tlhahisoleseding hodima khiboto (6).
-
O sebedisa maose (7) ho o tataisa sekerining.
2
O tsamaisa maose ha o ntse o tadimile sekerining.
-
O kgetha tlhahisoleseding sekerining e be o ya penya, o hatella konopo ya maose ka monwana.
3
Dikomporo tse ngata tsa di lepothopo di na le thatjhephede (8) bakeng sa maose.
-
O tsamaisa monwana ka ho kgabahanya thatjhephede.
-
O penya ha nyane e be o hatella hodima tlhahisoleseding.
4
Sheba khibotong o fumane dikonopo tse nang le: 1. ditlhaku 2. dinomoro 3. matshwao a ho ngola
-
Dikonopo tsena di o thusa ho thaepa tlhahisoleseding komporong.
5
Sheba khiboto semate founung sena.
-
Sekerining sa semate founu o ka thaepa le ka menwana e metona feela.
6
Dikomporo tse ding di na le sekerini seo o se thetsang feela. Mohlala, thablete le semate founu.
-
O sebedisa monwana le monwana o motona ho sebetsa ka tlhahisoleseding sekerining seo o se thetsang feela.
7
Ha o tsamaisa monwana le monwana o mo tona e arohane, setshwantsho se ba seholo.
-
Tsamaisa monwana le monwana o motona mmoho, setshwantsho se ba senyane.
8
Re sebedisa dikomporo bakeng sa mosebetsi le ho ithuta.
-
Re sebedisa dikomporo ho buisana.
-
Re sebedisa dikomporo ho ithuta le boithabiso.
9
Sesebedisuwa ke lebitso le leng la komporo.
-
Ke disebedisuwa di fe tse sebediswang lapeng leno, hona di sebedisetswang?
10
——Dipotso
Kopitsa setshwantsho o se leibole: a. khiboto. b. maose. c. sekerini.
O sebedisa dikarolo tsena jwang: a. khiboto? b. maose? c. sekerini?
Ke mang ya qapileng komporo ya pele?
Fuputsa hore komporo ya pele e entswe neng.
Komporo e sebediswa jwang bakeng sa mosebetsi?
11
——Buka ena ke enngwe ya letoto la tse nne tse lelekelang dihlooho ka theknoloji ya dikomporo.
-
Buka e qapetswe projeke ya 2021 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
12
Your attribution should include the following: Title: Komporo ke eng? Author/s: Patricia Ndlovu Translator/s: Nthabiseng Tsatsi Illustrator/s: Pexels; Pixabay Assurer/s: Mathapelo Morake Language: Sesotho (South Africa)