Senqanqane se phonyoha lefu
Selolo Nare Joyce
Rob Owen
Kgale, kgale ho ne ho na le senqanqane se phelang nokeng ya Olifants.
-
Ka letsatsi le leng ha senqanqane se sesa puleng, sa utlwa se lapa.
-
Sa elellwa seqhaha sa ditshintshi haufinyane.
1
“Ke tla tlatsa mpa ya ka ka ditshintshi,” ho rialo senqanqane.
-
Ha pula e qeta ho na sa qhomela ka ntle ho noka ho ya ditshintshing.
2
Hang hang, ha hlaha lempetje ka pela senqanqane.
-
“Ke nqalo ya ka le dijo tsa ka mona!” ho rialo lempetje le halefile.
-
Lempetje yaba le qala ho fetola mmala wa lona ka bohale.
3
Senqanqane sa qhomela hole haholo ho lempetje.
-
Sa tsorama dihlahleng, se leka ho bolaya letswalo le bakilweng ke lempetje.
4
Ha senqanqane se ntse se leka ho theola letswalo, ha hlaha phiri e neng e tjhesa hlaha.
-
Senqanqane se ne se tshohile mollo!
5
Senqanqane sa qhoma, sa ipata ka tlasa mahlaku a sephara.
-
Mahlaku ao a sephara a se pata, empa sa nna sa utlwa lebatama la mollo ho potoloha.
6
Senqanqane sa ikwahela mahlo, sa qhomela hodimo dimo ka moo se ka kgonang.
-
Sa wela ka sekgahla ka nokeng hape.
7
Senqanqane sa bona kgudu e phomotse hodima lekala. Sa sesetsa ho kgudu.
-
“Dumela, obile le tsatsi le jwang?” ho botsa kgudu.
-
“Le ne le thotse,” ho araba senqanqane se bososela.
8
Your attribution should include the following:
Title: Senqanqane se phonyoha lefu
Author/s: Selolo Nare Joyce
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Rob Owen
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator