Letsatsi la Poelano
Refilwe Ramagoshi
Tebogo Matshana


Mona Afrika Borwa, letsatsi la Poelano la 16 Tshitwe ke letsatsi la phomolo.
-
Buka ena e bua ka Letstatsi leo la Poelano.
-
O tla tseba ka nalane ya letsatsi lena le hore hobaneng le le bohlokwa.
1
Ntate moholo o dutse lapeng mme o lebelletse thelebishene ka letsatsi la Poelano.
-
“Ntate moholo, uMkhonto we Sizwe ke eng? Hona letsatsi la Poelano le bolelang?” ho botsa Puseletso.
-
“O botsa dipotso tse ngata ka nako e le nngwe. Mamela he ke o rute,” ke ntate moholo yeo.
2
UMkhonto we Sizwe kapa MK e ne e le lebotho la sesole la ANC. Ba ile ba lwantshana le mmuso wa kgethollo ka mmala.
-
Kgethollo ka mmala e ne e etswuwa ho batho ba batsho,” ke ntate moholo a hlalosetsa Puseletso.
-
“Kajeno batho ba thabile hobane ke letsatsi la tshwarelano le poelano.”
3
“Na o sa hopola ha o ne o sa buisane le Dikeledi beke kaofela?” ho botsa ntate moholo.
-
Puseletso a dumela ka hlooho.
-
“Yaba ha nyane, ha nyane le boela le eba metswalle hape?” Puseletso a dumela ka hlooho hape.
-
“Hono, ke yona tshwarelano le poelano,” ho rialo ntate moholo a bososela.
4
“Letsatsi la 16 Tshitwe ke la tshwarelano le poelano,” ntate moholo o tswela pele ka thlaloso.
-
“Letsatsi lena le na le nalane e telele. Pale ena a qala ka ntwa e bileng teng kgalekgale ka di 16 Tshitwe 1838.”
5
“Ka letsatsi leo, ho bile le ntwa e kgolo pakeng tsa mabotho a morena Dingane wa Mazulu le maVoortrekkers haufi le noka ya Ncome.”
-
“Ho hlotse bo mang?” ho botsa Puseletso.
6
“MaVoortrekkers a ile a hlola, mme ba keteka tlholo ya bona ka 16 Tshitwe. Ba ile ba bitsa letsatsi lena letsatsi la Kano,” ho araba ntate moholo.
7
Yaba ka selemo sa 1962, ka letsatsi la 16 Tshitwe, ho thehwa Umkhonto we Sizwe.
-
E ne e le masole a ANC ba itokisetsa ho lwantsha mmuso wa kgethollo ka mmala.
8
“Ntate moholo, hobaneng ha Umkhonto we Sizwe o ile wa batla ho lwana kamora dilemo tse ngata hakana?” ho botsa Puseletso.
-
“Ho ne ho ena le mabaka a mangata. Le leng la mabaka ene e le diketsahalo tsa mohwanto kgahlano le Dompas,” ho bolela ntate moholo.
-
Dompas ke eng ntate moholo?” hobotsa Puseletso.
9
“Ke bukana ya kgale ya boitsebiso. Batho bohle ba batsho ba ne ba lokela ho tsamaya hohle ba tshwere dibukana tsena,” ho araba ntate moholo.
-
“Selemong sa 1960, mohwantong wa kgotso o kgahlano le ho tshwara dibukana tsena, seponesa sa mmuso wa kgethollo ka mmala se ile sa bolaya le ho lematsa batho ba motsaneng wa Sharpville o Gauteng.”
10
“Dikgohlano tse bileng teng kgale di bakile karohano pakeng tsa batho ba batsho le makgowa,” ho rialo ntate moholo a fehelwa.
-
“Setswalle se ka bopjwa feela hodima nnete. Holokela hore ho tsejwe se ileng sa etsahala pakeng tsa batho ba batsho le makgowa ka baka la kgethollo,” ho bolela ntate moholo.
11
“Ebe ho bonolo ho tshwarelana kamora dintwa tseo?” ho botsa Puseletso.
-
“Tjhee! Ha ho bonolo, empa hore tswelopele e be teng, tshwarelano le poelano di bohlokwa sethjabeng,” ho araba ntate moholo.
-
“Poelano e ke ke ya etsahala ka potlako, E nka nako e telele,” ke ntate moholo a eketsa tlhalosong ya hae.
12
“Ha motho a etsa phoso o lokela ho bua nnete le ho kopa tshwarelo ho eo a mo foseditseng. E be, ba ka qala ho lokisa dikamano pakeng tsa bona,” ho hlalosa ntate moholo.
-
“O mametse ka hlooko, jwale ha re lebelle lenaneo leo o le ratang thelebisheneng!” ho rialo ntate moholo a bososela.
13

Dipotso


  1. Letsatsi la Poelano le ketekwa neng? Hobaneng se le letsatsi la setjhaba la phomolo?
  2. UMkhonto we Sizwe ke eng?
  3. MaVoortrekkers ke bomang?
  4. Kgethollo ka mmala ke eng?
  5. Ka mantswe a hao hlalosa hore “poelano” e bolela eng.
  6. Na batho ba ka fihlella poelano jwang?
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Letsatsi la Polelano
  • Letsatsi la Tokoloho
  • Letsatsi la Botjhaba
  • Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
  • Letsatsi la bomme
  • Letsatsi la Basebetsi
  • Letsati la Batjha
15


Buka ena e qapuwe le ho ngolwa ka Sesotho jwaloka karolo ya porojeke ya 2020 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Letsatsi la Poelano
Author/s: Refilwe Ramagoshi
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Tebogo Matshana
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator