Ntate le mme Malatji
Kanane Dina Nkoana
Jesse Breytenbach
Kgale ho ne ho ena le motsana o bitswang Ga-Molapo, porofensing ya Limpopo tlasa morena Sello Kekana.
-
Motse o ne o le monyenyane hoo bohle ba neng ba tsebana. Matlo a ne a hauwe ka seretse le jwang.
1
Ntate le mme Malatji ba ne ba dula mahaeng.
-
Ka mehla ntate Malatji o ne a rwalla patsi ya ho besa mollo, ha mme Malatji a kga metsi nokeng.
-
Ka mehla ba ne ba ngangisana ka mesebetsi ya bona.
2
“Ke kgathetse ke ho rwalla patsi,” ho rialo ntate Malatji.
-
“Ehe, nna ke kgathetse ke ho kga metsi,” ho rialo mme Malatji.
-
“Ha ke sa hlola ke rwalla patsi!” ho rialo ntate Malatji a omana. A akgela ngata ya patsi fatshe a itsamaela.
3
Nakong yeo, ha ropoha mollo motseng mme wa siya malapa a mangata a se na matlo.
-
Mollo o qadile ka tlung ya Malatji mme wa namela matlong a mang.
4
Mme Malatji o ne a hlokofetse.
-
A hweletsa monna wa hae hore a kgutlela hae.
-
“Kgutla o tlo nthusa ho aha ntlo e ntjha!” ho hweletsa mme Malatji a lla.
-
Ntate Malatji o ne a ikokobeditse ha a kgutla.
5
Baahi ba motseng wa Ga-Molapo ba nka qeto ya ho ya ho morena.
-
Ba mmolella tsohle tse etsahetseng motseng. Ba ipelaetsa ka ntate le mme Malatji.
6
Ba lelapa la Malatji ha ba utlwa ka boipelaetso boo, ba halefa haholo.
-
Ba phutha ho neng ho setse dithotong tsa bona ba tsamaya motseng oo.
7
Nakong yeo, ha ropoha mollo morung. Mollo o ile wa namela motseng.
-
Mollo wa tjhesa matlo motseng mme wa siya setjhaba se sena matlo.
8
Setjhaba sa ya ho morena hape.
-
“Ha re na dijo, metsi le moo re ka dulang,” ha tletleba batho.
-
“Ho ropoha mollo ka mehla ha ntate le mme Malatji ba ngangisana!” ho rialo setjhaba.
9
Kgetlong lena, morema Sello Kekana a mamela ditletlebo tsa batho.
-
A leleka ntate le mme Malatji motseng wa Ga- Molepo. A ba leleka le porofensing ya Lempopo.
-
Ke ipotsa hore ba ha malatji ba ile ba ya kae?
10
Your attribution should include the following:
Title: Ntate le mme Malatji
Author/s: Kanane Dina Nkoana
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Jesse Breytenbach
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator