Motswalle ya sa tshepaheleng
Mafisa Kwena Petrus
Rob Owen
Kgale kgale, noha e ne ena le setswalle se setle le senqanqane.
-
Ene e le metswalle ya sebele ebile ba ratana.
1
Ka tsatsi le leng senqanqane sa re ho noha, “Mokgotsi, ho ka ba jwang reo kola dikokonyana tse nonneng tse monate tse fofang?”
-
Noha a dumela ho tsamaya le senqanqane.
2
Metswalle ya bokella dikokonyana ka mokotleng o moholo.
-
Senqanqane se ne se bokelletse ho feta mme se thabile.
3
Tseleng ha ba kgutlela hae, ba kopana le mokgopi wa masamane.
-
Masamane e ne e le dira tsa bona.
4
Noha a hweletsa, “Re ntweng mona! Ha re ka lahlehelwa ke mokotla ona, re tlo lala ka tlala bosiung bona!”
5
Senqanqane sa omana masamane, “Suthang ka tseleng, ho seng jwalo e mong wa lona e tlaba lehlatsipa!”
-
Masamane a nahana hore ho molemo hore e balehe!
6
Senqanqana a memela noha dijong tsa mantsiboya.
-
“Mosadi wa ka o pheha dikokonyana ha monate,” ho rialo senqanqane.
-
Metswalle ya tswela pele ho qoqa ha mme senqanqane a ntse a pheha.
7
Dijo tsa loka ka motsotso.
-
Metswalle ya hlapa mme ya ya dula tafoleng.
8
Hang, senqanqane sa supa poleiti ya sona sa re, “Dijo tsa noha di ngata ho feta tsa ka!”
9
Noha a araba, “Tjhee, ha ele hantle dijo tsa hao di ngata ho feta tsa ka!”
-
Senqanqane sa ja dijo tsa sona empa noha ya seke a ja hoba e se e kgenne.
10
Qetellong, senqanqane sa re ho noha, “Ha eba o tlo nyatsa dijo tsa mosadi wa ka, tsamaya.”
11
Yaba ke qetelo ya setwalle se setle!
-
Ho tloha mohlang oo, dinqanqane le dinoha ha e kaba ya hlola ebile metswalle.
12
Your attribution should include the following:
Title: Motswalle ya sa tshepaheleng
Author/s: Mafisa Kwena Petrus
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Rob Owen
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator