Ho sebetsana le kokwanamahloko ya Khorona
African Storybook
Tawanda Mhandu
Dikolo di ne di kwetswe dikgwedikgwedi ka ho kwalwa ha naha. Naha e kwetswe ho fokotsa sekgahla sa tshwaetsano ka kokwanahloko ya Khorona.
-
Dikolo di butswe hape bekeng e fetileng. Baithuti ba bang ba ntse ba le hae.
-
Sekolong sa Poraemari sa Maxeke, ke nako ya thuto ya Bokgoni ba tsa Bophelo.
1
Titjhere Piti o batla ho tseba hore bana ba kgonne jwang ho phela ka nako yeo naha e neng e kwetswe.
-
“Ke batla ho utlwa ka boiphihlelo ba lona ka ho kwalwa ha naha,” o bolella baithuti.
-
Sello a qala, “Ntate wa ka o kgolwa hore bohle re lokela ke ho ba le tlwaelo e itseng.”
2
“O ne a re tsosa kamehla hoseng ho tloha Mantaha ho fihla Labohlano ebe o re fa mosebetsi o hahang ho tloha ka hora ya borobedi hoseng ho fihla ho ya bobedi thapama,” ho rialo Sello.
-
“O bolelang ha o re mosebetsi o hahang?” ho botsa Munya.
-
“Mosebetsi o hahang ke oo o tlang ho o tswela molemo bophelong,” ho araba Sello.
3
“Ee! Sello, o nepile,” ho bua titjhere Piti.
-
Kgaitsedi ya Sello Neo a tlatseletsa, “Ntate wa rona o ile a etsa bonnete ba hore ho kwalwa ha naha ho tshwana feela le nako ya sekolo!”
-
“Hoo ke ileng ka ho rata ka ho kwalwa ha naha, ke hore re entse mesebetsi e mengata mmoho jwaloka lelapa,” ho rialo Neo.
4
Munya a re, “Nna ke sebedisitse nako ya ka ka bohlale. Ke sebetsane le thuto ya Dipalo hobane ke batla ho ntlafatsa matshwao a ka.
-
Ka shebelletse difilimi, ka bapala papadi tsa ka ntle ho ithabisa. Ke ile ka kgona le ho bala hore ke dule ke le maphathephathe.
-
Ke ile ka ikwetlisa hore ke dule ke shahlile.”
5
Basani a re, “Ka ho kwalwa ha naha, ke nahana hore ho bile le ditlamorao tse ntle le tse mpe.”
-
“Ditlamorao tse ntle ke hore nna ho mphile nako ya ho phomola le ho ba le ba lelapa laka ka nako tsohle. Ke sebedisitse nako yeo ho bala le ho ikgopotsa mosebetsi wa sekolo,” ke Basani a hlalosa.
6
Basani a tswela pele, “Ke ne ke ngongorehile ka hore e be basebetsi ba malapeng ba tla fumana meputso ya bona na.
-
Ke ne ke kgathatsehile ka ba lelapa la ka le batho ba neng batswela pele roba molao.”
-
Titjhere Piti a oma ka hlooho. O ne a tseba hore nakong ena, ho bonolo ho ngongoreha le ho tshwenyeha.
7
Yash yena a re, “Lapeng leso re tshelela. Le ha ke ba rata hakaalo, ho ba le bona nako tsohle ho ne ho mpherekanya.
-
Ho rarolla bothata bona, mme o ile a reka papadi ya monopholi. Ke ne ke o rata haholo ha ke sa le monyenyane.”
8
Yash a qetela ka ho re, “Ke bapetse monopoli haholo bekeng tse fetileng, ebile ke nahana ho kena mosebetsing wa ho rekisa matlo!”
-
Amanda a tsheha a re, “Nna ke tsamaisitse nako ka ho pheha le ho baka. Ke ne ke hopotse sekolong haholo!”
-
Baithuti ba bangata ba dumellana.
9
Titjhere Piti a re, “Ho bohlokwa ho buisana le motho yeo o mo tshepang ka maikutlo a hao.
-
Kajeno ke itlwile mehopolo e metle ya ho thusa ho kgona ho sebetsana le diphephetso tsa bophelo.
-
A re tsweleng pele ka puisano ena kamoso,” ke titjhere Piti yeo ha tshepe ya sekolo e lla.
10

Dipotso


  1. Ngola ditlhlaso tsa mantswe a latelang: kgona, phephetsang, tshwenyeha, tlwaelo.
  2. Ngola malatodi a mantswe ana a ka hodimo.
  3. Hlalosa motlae o builweng ke Yash.
  4. Ke mehopolo efe e meraro e ka thusang ho sebetsana le maemo a nang le diphephetso?
  5. Na o dumellana le Basani? Hlalosa.
11


Pale ena e theilwe dirapotong tsa radiyo ya RX. Radiyo ena ke ya inthanete ya bana.
-
Radiyo RX e haswa ho tswa Red Cross War Memorial Children’s Hospital Motseng wa Kapa.
-
RX e thusa bana ho bua dipale ka ditaba tse ba amang tse bohlokwa ho bona.
-
Ketelo seyalemoyeng sa RX
12
Your attribution should include the following:
Title: Ho sebetsana le kokwanamahloko ya Khorona
Author/s: African Storybook
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Tawanda Mhandu
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator