Ho kwalwa ha dikolo
African Storybook
Busisiwe Ndlovu
Busisiwe le Bandile ba thabile haholo.
-
Dikolo di kwetswe hobane ho ena le ho kwalwa ha naha.
-
Ba thabetse ho tla qeta nako hae.
1
Kamora beke tse hlano tsa ho kwalwa ha naha, Busisiwe le Bandile ha ba sa thabile.
-
“Ke leka ho etsa ka hohle ho ithuta ka inthanete. Ke phephetso!” ke Bandi a fehelwa.
2
“Ke hopotse sekolong,” ke Busi a dumela.
-
“Jwale sekolo ke dihlopha tsa WhatsApp, diapo tsa thuto le thuto ka thelebishene!” ho bua Bandile.
3
A tswela pele are, “Jwale ho kena sekolo ho hloka boitelo le ho sebetsa ka thata le ho feta.”
-
“Hape re lokela ho dula re na le data le marangrang a inthanete,” ha bua Busi.
4
“Malapa a mangata ha a kgone ho reka data. Ke bothata ba ditjhelete,” ke Bandi yeo.
-
Busi o nahana ka metswalle ya hae, Buhle le Luka.
5
“Bana ba bang ba hloka dijo tse fepuwang bana dikolong,” ho bua Busi.
-
O tshwenyehile hore ekaba batswadi ba bona ba tla kgona ho reka dijo tse lekaneng.
6
Bandi a re, “Re lehlohonolo hore ho kwalwa hona ha naha ha ho a re ama ho tsa ditjhelete hae.”
-
“Ke hopotse metswalle yaka haholo,” ke Busi yeo.
7
A tswela pele a re, “Ke kgona ho bua le bona mohaleng, empa ha ho tshwane. Ke rata ho bapala le bona.”
8
Bandi a etsa lenane, “Ke hopotse moya wa sekolong, matitjhere, ho ithuta ntho tse ntjha le ho ba le metswalle ya ka.”
-
Mme o kena kamoreng ya bona.
9
“Banana, ke qeta ho utlwa seyalemoyeng hore dikolo di a bulwa bekeng e etlang,” ke mme yeo a bososela.
-
Busisiwe le Bandile ba thabile haholo!
10

Dipotso


  1. Hlalosa: ‘mathata a ditjhelete’, ‘ho ithuta inthaneteng o le hae’, ‘phepo ya dikolong’.
  2. Na dikgaitsedi di ne di natefetswe ke ho kwalwa ha naha? Hlalosa karabo ya hao.
11

-
Pale ena e theilwe dirapotong tsa radiyo ya RX. Radiyo ena ke ya inthanete ya bana.
-
Radiyo RX e haswa ho tswa Red Cross War Memorial Children’s Hospital Motseng wa Kapa.
-
RX e thusa bana ho bua dipale ka ditaba tse ba amang tse bohlokwa ho bona.
-
Ketelo seyalemoyeng sa RX
12
Your attribution should include the following:
Title: Ho kwalwa ha dikolo
Author/s: African Storybook
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Busisiwe Ndlovu
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator