Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
Arnold Mushwana
Thulisile Shongwe


Letsatsi la Ditokelo tsa botho le ketekwa Afrika Borwa selemo le selemoka la 21 Hlakubele.
-
Buka ena e ka ha nalane le bohlokwa ba letsatsi lena la phomolo.
1
Nakong tsa kgethollo ka mmala, batho ba batsho ba Afrika Borwa ba ne ba le tlasa kgatello.
-
Batho ba ile ba lwantsha kgethollo ka mmala le melao ya teng e se nang toka. Ba ne ba lwanela tokoloho le ditokelo tse tshwanang.
-
Ka la 21 Hlakubele selemo se seng le se seng, batho ba hopola balwanedi ba tokoloho.
2
Ka selemo sa 1960 ka la 21 Hlakubele, batho metseng ya Sharpville le Lang ba ile ba hwanta.
-
Ba ne ba ipelaetsa kgahlano le melao e se nang toka ya mmuso wa kgethollo ka mmala. Ba ile ba hwanta kgahlano le molao wa ‘dipasa’.
-
“Matla! Ke a rona! Matla bathong!” ho hweletsa bahwanti.
3
Motseng wa Sharpville, ba ne ba bina ba hwantela seteisheneng sa seponesa ka kgotso.
-
Maponesa ha a bona sekgakgatha sa batho, ba hlasela bahwanti.
-
Batho ba ile ba matha, ba bang ba ile ba tswa dikotsi, ha ba bang ba ile ba lahlehelwa ke maphelo a bona.
4
Letsatsi la 21 Hlakubele la qala ho hopolwa jwaloka Sharpville Day.
-
Letsatsi lena le ile la e ba letsatsi la phomolo kamora dikgetho tsa demokrasi tsa 1994.
-
Naha e hopola batho ba ileng ba lwanela tokoloho. Ena ke tsela ya ho ba leboha.
5
Afrika Borwa e na le molaotheo wa demokrasi. Batho ba neng ba ngola molaotheo o motjha ba ne ba batla hore batho bohle ba hlomphe ditokelo tsa botho.
-
Molaotheo wa Afrika Borwa o beile ditokelo le mesebetsi bakeng sa baahi bohle. Bohle ba na le ditokelo tse tshwanang.
6
Selemong se seng le se seng ka la 21 Hlakubele ke letsatsi la phomolo. Dikantoro le dikolo di a kwalwa.
-
Ke tsatsi la ho keteka ditokelo tsa botho. Ke tsatsi la ho keteka tekatekano.
-
Batho ba keteka le ho tlotla letsatsi lena ka tsela tse fapaneng.
7
Bana bona ba ka keteka tsatsi lena ka ho bua ka ditokelo tsa bona jwalo ka batjha.
-
Ee, bana le bona ba na le ditokelo.
-
Ditokelo tsa bana ke tse ikgethileng bakeng sa bana ba ka tlase ho dilemo tse 18.
8
Bana bohle ba na le ditokelo tse lekanang. Na o tseba ditokelo tsa hao?
-
“Tokelo ya ho hlokomelwa,” ho rialo Neo.
-
“Tokelo ya ho ba le lebitso!” Pule a hweletsa.
-
“Tokelo ya ho phela naheng ya heso kapa naheng enngwe le enngwe,” ho bua Thabo.
9
“Tokela ya ho bolokeha,” Palesa a bua a le ka morao.
-
“Tokelo ya thuto,” ke Mokone yeo.
-
“Tokelo ya ho se utlwiswe bohloko kapa ho hlekefetswa,” ha qetella Suwe.
10
Tseno ke tse ding tsa ditokelo tseo bana ba nang le tsona.
-
Re na le ditokelo hammoho le mesebetsi.
-
Re na le ditokelo le boikarabelo
-
Ke boikarabelo bofe boo bana ba nang le bona?
-
“Boikarabelo ba ho etsa mesebetsi ya ka ya ka lapeng,” Anna a araba.
11
“Boikarabelo a ho hlokomela mmele le boko ba ka le ho ba le bophelo bo botle,” Pule a tlatseletsa.
-
“Mosebetsi wa ho etsa ho ba bang jwaloka ha re batla ba etse ho rona,” Popi a bolela.
-
“Boikarabelo ba ho sebetsa ka thata sekolong,” ke Nepo yeo.
12
Lerato yena a re, “Boaikarabelo ba ho hlompha ditokelo tsa batho ba bang.”
-
E mong le e mong wa rona o na le boikarabelo ba ho hlompha ditokelo tsa batho ba bang.
-
Batho bohle ba a lekana.
-
Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ke la tokoloho le tekatekano ya bohle.
13

Dipotso


  1. Hobaneng ha letsatsi la 21 Hlakubele e le letsatsi la phomolo la setjhaba Aforika Borwa?
  2. Ditokelo tsa botho ke eng?
  3. Fana ka mehlala e meraro ya ditokelo tsa bana.
  4. Batlisisa ka South African Bill of Rights mme o etse lenane la ditokelo.
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Letsatsi la Polelano
  • Letsatsi la Tokoloho
  • Letsatsi la Botjhaba
  • Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
  • Letsatsi la bomme
  • Letsatsi la Basebetsi
  • Letsati la Batjha
15


Buka ena e qapuwe le ho ngolwa ka puo ya Xitsonga jwaloka karolo ya porojeke ya 2020 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
Author/s: Arnold Mushwana
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Thulisile Shongwe
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator