Phumelele ya sebete
Zandile Malaza
Simon Mokoena
Phumelele e ne e le morwetsana ya tswang lapeng le futsanehileng.
-
O ne a dula le lelapa labo motseng o bitswang Celani.
-
Ho ne ho ena le tsela e le nngwe feela e kenang le ho tswa Celani.
1
Pela tsela ho ne ho ena le sefate.
-
Noha e kgolo e ne e dula sefateng seo.
-
Batho ba ne ba tlameha ho feta sefateng seo ha ba eya tleliniking, lebenkeleng le sekolong.
2
Kamehla ha e utlwa diqi, noha e ne e theoha lekaleng e botha ka tseleng.
-
Ene e etsa ho be boima ho feta moo.
-
Baahi ba motseng ba lekile ho e tshwara feela ba hlotswe.
3
Ha ho motho ya neng a kgona ho tshwara noha.
-
Morena o ile tshepisa moputso ho motho ya ka tshwarang noha.
-
Ke banna feela ba neng ba dumelletswe ho tobana le phephetso yeo.
4
Banna ba dilemo tse fapaneng ba leka ho tshwara noha, feela ba hloleha.
-
Ba leka le ho sebetsa ka dihlopha.
-
Le ha ho le jwalo ba hloleha ho e tshwara.
-
Ho ne ho le kotsi ho kena le ho tswa motseng.
5
Phumelele a ya ho morena a re, “Ntumelle ho ba karolo ya phephetso ena.”
-
Batho ba tsheha hobane e le mosadi. “O ya swaswa,” ho rialo batho.
-
Morena a nahana ka kopo ena ya Phumelele.
6
Qetellong, morena a re, “Banna ba motse ona ba hlolehile ho tshwara noha. Ha ho no senyaha letho ha mosadi a leka.”
-
A neha Phumelele monyetla. O ne a sa kgolwe hore Phumelele a ka phomella moo banna ba hlolehileng.
7
Phumelele o ne a ena le moralo o bohlale.
-
O ile a loha manki o moholo. O ile a sebedisa le dithapo tse hulwang hore manki o kgone ho kwaleha.
-
O lie a rwala manki mme a leba sefateng.
8
Jwalo ka tlwaelo, noha ya utlwa diqi. Ya itokisetsa ho tlola e paqama ka tseleng.
-
Phumelele le yena a itokisetsa nako yeo ya bohlokwa!
-
“Kajeno ho tla utlwahala,” ke Phumelele a nahana ha a lebile sefateng.
9
Ha noha e tlola sefateng, ya wela hantle ka manking o lohilweng.
-
Ka pele-pele Phumelele a hula dithapo ho kwala manki. Noha e ne e tshwasehile ka hare.
10
Phumelele arwala manki ho o isa motseng.
-
Batho kaofele ba didietsa ha a kena ka kgoro ya lesaka la morena.
-
“Phumelele o bohlale o sebete. Morena a boloke tshepiso ya hae,” ho rialo batho.
11
Morena a leboha Phumelele ka ho mo fa karolo e kgolo ya naha le lesaka le tletseng dikgomo.
-
Ya eba moetapele wa naha yeo. Batho ba ya ho yena ho batla dikeletso.
-
Noha ya iswa polokelong ya dinoha, mme batho ba kgona ho tsamaya ka bolokolohi.
12
Your attribution should include the following:
Title: Phumelele ya sebete
Author/s: Zandile Malaza
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Simon Mokoena
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator