Matsatsi a phomolo a Alina
Sponono Mahlangu
Khanyisa Masemola
Toropong ya heso ho ne ho ena le mosadi wa morui ya bitswang Alina.
-
Alina o ne a dula ntlong e kgolo e komponeng e ntle.
-
O ne a atlehile haholo empa a sena thabo.
1
Ka tsatsi le leng Alina a potoloha komponeng yeo ya hae.
-
A bososela a nahana, “Ke lakatsa ho kopana le batho ba batjha. Mohlomong ke tla kopana le metswalle e metjha ha nka ya matsatsing a phomolo. Mohlomomg nka kopana le motho wa bohlokwa.”
2
Alina a rera ho ya phomolong lebopong la lewatle le letle ka ho fetisisa.
-
O ne a thabile ha letsatsi la hae la ho nka leeto le fihla.
-
A phakisa a iketla hoteleng ya hae le ho natefelwa ke phomolo tulong ena e ntle hakana.
3
Alina a kakalla leboponga iketla. A boha batho ba mo potapotileng.
-
Kapele- pele a elellwa monna ya neng a ena le bana ba babedi. Ba ne ba shebahala ba sa natefelwe ke ho ba moo.
-
Ba ne ba bonahala ba sa thaba. Bana ba ne ba bapala ba kgutsitse.
4
Alina a nahana, “Ekaba ke hobaneng ha ba hloname tjee tulong e ntle ha kale.”
-
Ha morao, ha a sesa letangwaneng la hotele, bana ba monna yeo ba tla sesa letangwaneng le bona.
-
Alina a qala ho qoqa le bona.
5
Mabitso a bana e ne e le Karembo le Kazungu.
-
Ba mmolella hore phomolo ena ke ya bona ya pele ka mora lefu la mmabona.
-
Ha Alina a kopana le ntata bana, a mmona mahlong bohloko boo a leng ho bona ka lefu la mosadi wa hae.
-
Lebitso la hae e ne e le Clemens.
6
Yaba Clemens, Alina le bana ba se ba hlola mmoho nako e kgolo.
-
Karembo le Kazungu ba natefelwa ke ho bapala le Alina lebopong.
-
Alina a ba ruta ho loha dimanki ka mahlaku a dipalema, le ho haha diqhobosheane ka santa.
7
Matsatsi a ya ha monate ho futhumetse.
-
Alina o ne a sa batle ho kgutlela komponeng ya hae e bodutu.
-
“Phomolo ya ka e se e tla fela.
-
Mohlomong ha nka ka eketsa matsatsi, ha ke no hlonama hakana,” Alina a nahana.
8
Mantsiboyeng ao, Alina a utlwa motho a kokota lemating. Ha a bula lemati, a bona Karembo and Kazungu ba eme moo.
-
Ba bua hong, “Re batla hore o be mme wa rona!”
-
Alina a tsieleha hore o ba araba jwang.
9
Ha ba qeta ho bua, Alina a ya le Karembo le Kazungu kamoreng ya bona.
-
Clemens a bososela ha a bona bana ba thabetse ho ba le Alina. Alina a ba aka mme a ba sadisa hantle.
-
Alina a nahana a re, “Ke kopane le batho ba bararo ba bohlokwa.”
10
Tsatsing le hlahlamang, Alina a ja dijo tsa hoseng le bona.
-
Karembo and Kazungu ba eba le tshepo ha Alina a dula le bona tafoleng.
-
“Ebe ho etsahalang?” ho botsa Clemens a bososela ha a bona tjhebeho ya difahleho tsa bana ba hae.
11
Ka mora selemo, Clemens le Alina ba nyalana!
-
Selemo se seng le se seng, lelapa la tjhakela lebopong le letle ho keteka mohlang ba neng ba kopona kgetlo la pele.
-
Ba bapala metsing, ba haha diqhobosheane, jwalo ka ha ba ne ba etsa ha ba kopana kgetlo la pele.
12
Your attribution should include the following:
Title: Matsatsi a phomolo a Alina
Author/s: Sponono Mahlangu
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator